babueledi Read in English Lees in Afrikaans Read in isiZulu Read in isiXhosa

BABUELLI AFRIKA BORWA        English       Afrikaans        isiXhosa        isiZulu       

Lena ke leqephe la hae le kentseng tlhahisoleseding ya kakaretso e matla mabapi le Babuelli le Molao Afrika Borwa. Mona o ka fumana mmuelli kapa wa fumana feme ya molao ya Afrika Borwa, ha o batla sebaka seo e leng ho sona. Mabapi le tlhahisoleseding tabeng e ikgethileng ya molao o kgetha taba eo o e batlang habobebe mme o tobetse kgetho ya hao ka hodimo. Weposaeteng ena o ka batla melao dihloohong tse ngata tsa melao. O ka fumana Melao e kahodimo ho 250 inthaneteng. Weposaete ena ke mohlodi o momahaneng wa molao o nang le dipotso tse kahodimo ho 365 tse botswang kgafetsa mabapi le molao wa Afrika Borwa. Le haeba o hloka ho ikopanya le mmuelli ka potlako kapa o tla mo hloka nakong e tlang, jwale ke nako e ntle ya ho ithuta haholwanyane mabapi le Babuelli le Molao wa Afrika Borwa. Sena se ka o thusa ho nka qeto ha o hloka ditshebeletso tsa Mmuelli! 

  1. Babuelli ba bitsa bokae mme nka fokotsa tjhelete le ditjeho tsa ka jwang?
  2. Ho ka etsahalang ha ke sa kgone ho lefella ditshebeletso tsa mmuelli?
  3. Boemo ba: Ha ho Katleho – Ha ho Tefo bo sebetsa jwang ha o sebetsana le babuelli?
  4. Ke dintlha dife tse lokelang ho shejwa pele ho nkelwa kgohlano ya molao lekgotleng la dinyewe?
  5. Ke mefuta efe e fapanengya ditshenyehelo tseo motho a ka di tsekang?
  6. Mmuelli wa ka o atlehile nyeweng ya ka, ho kenyelletswa le ditjeho. Jwale o mphile mokitlana wa tefello. Sena se sebetsa jwang?
  7. Mesebetsi ya letsatsi ka leng ya mmuelli ke efe?
  8. Motho o lokela ho atleha thutong efe hore o kgone ho sebetsa e le mmuelli Afrika Borwa?
  9. Mesebetsi ya Nothari le Khonveyansa ke efe?
  10. Mekgatlo ya sehlooho ya molao e hlophisitswe jwang Afrika Borwa?
  11. Sebopeho sa makgotla a dinyewe se jwang Afrika Borwa?
  12. Mosebetsi wa Mokgatlo wa Molao ke ofe?
  13. Molao o motjha wa Tshireletso ya Tlhekefetso o ka ntshireletsa jwang hore ke se ke ka hlefetswa?
  14. Nka etsa jwang ebang ke a hleketswaa kapa ke tshosetswa molato oo ke seng ke sa o kolote?
  15. Na tjhelete e bolokilweng Letloleng la Trust Babuelli e tswala phaello?

 

1. Babuelli ba bitsa bokae mme nka fokotsa tjhelete le ditjeho tsa ka jwang?


Selelekela: Ho latela moetlo wa Senyesemane, poroseshene ya molao wa Afrika Borwa e arotswe ho ya ka mekgatlo ya babuelli – babuelli ba ‘ka hare ho lekgotla’ le babuelli ba ‘ka ntle ho lekgotla.

Baemedi (ba bitswang babuelli ba ka hare lekgotleng la dinyewe le ba kgahlanong ya tshebediso ya tokelo e itseng - Engelane) bona ba bitswa ‘babuelli ba ka hare’ mme ho thwe ke ‘khansele ka hare’. Ba ikgethile hobane ba lokisa dinyewe tsa lekgotla, ba hlaha kapele ho makgotla nakong ya dinyewe lekgotleng le ahlolang le ho fana ka dipono tsa molao. Ha ba a dumellwa ho theha selekane mme ba ka sebedisa molao feela ho emela setho sa setjhaba ebang ba bolelletswe ke mmuelli wa mothoeo.Ka selemo sa 2016 ho ne ho e na le baemedii ba 7620 ba sebetsang tlasa tshireletso ya General Council Bar ya Afrika Borwa.

Babuelli (ba bitswang hore ke ba fanang ka ditshebeletso tsa molao - Engelane) mme bona babuelli ba ka ntle ho lekgotla mme ba bitswa hore ke ‘amagqwetha’ ka lereo la seQhotsa le bolelang ‘babuelli’.SeQhotsa ke puo ya seNguni. Dipuo tse ding tsa seNguni ke seZulu, seSwatsi le seTebele. Lereo ‘babueledi’ ke lereo la Setswana, Setswana ke puyo ya Sesotho. Dipuo tse ding tsa Sesotho ke Sesotho sa Borwa le Sesotho sa Leboa e leng Sepedi. Babuelli ka kakaretso ke basebeletsi ba molao ba etsang mesebetsi yohle ya molao. Ba tshwara dinyewe tsa molao, ditlelaente kapa ba itshebeletse ba le bang kapa ba kopane ba etse mekgatlwana. Ka kgwedi ya December selemong sa 2016 ho ne ho ena le 24 912 Afrika Borwa, bao bohle ba neng wela tlasa Mokgatlo wa Molao wa Afrika Borwa. Weposaete e mabapi le babuelli.

Ketso ya Tshebediso ya Molao e sa tswa ho saenwa ke Moporesidente Zuma – Khansele ya Tshebediso ya molao e nang le ditho tse 7, ba 3 ho bona ba tla kgethwa ke Letona la Toka, ba tla tsamaisa porofeshene ya babuelli le baemedi tlasa marulelo a le mang – dikarolo tsa 1 le 2 tsa kgaolo ya 10 (National Forum and Transitional Provisions) di qadile ho sebetsa ka la1 Hlakola selemong sa 2015. Ditsamaisano tsa Molao wa 53 wa Babuelli wa 1979 o tla dula o sebetsa mme melao e ngotsweng ya mekgatlo ya diporofense tse nne e tla dula e le mekgatlo e laolang porofeshene ya babuelli ho fihlela LPC e sebetsa dilemng tse tharo tse tlang. 

Ditjeho tsa Molao Ke tjhelete eo tlelaente e lokelang ho e lefa mmuelli le moemedi. Mmuelli wa hao o tla o bolella hore bonyane o ka lebella ho lefa ditjeho tsa bokae.

Ditjeho tsa thekiso ya thepa di behwa ho ya ka sekepele sa tjhelete sa tjhelete e tsamaisitsweng ka semmuso. Ebang o ikemiseditse ho reka thepa e tsitsitseng, o ka bala tjhelete ya mmuelli wa hao, Ditjeho tsa ho Tjhentjhela Bonto ya ntlo mona:

Ditabeng tse kenyelletsang tshireletso ya setjhaba ya molao, le ho ba ke Lekgotleng la Mankistrata kapa Lekgotleng le Phahameng la Dinyewe, ditjeho di behwa e le sekepele sa tjhelete e tsepamisitsweng ka semmuso. Diphetoho tse ntjha di ngotswe ka la 23 kgweding ya Pherekgong selemong sa 2015 mme di tla qala ho sebetsa ka la24 kgweding ya Hlakola selemong sa 2015 mme o ka bala mona. Ebang tlelaente e dumela e sa lesethathong mme e na le tsebo e phethahetseng, mmuelli a ka bitsa tjhelee e kahodimo.

Ditabeng tse seng molaong (nyewe e sa fihlelleng kgotla) ditjeho e tla ba tseo o dumellaneng le mmuelli wa hao ka tsona, mme hangata ke tjhelete e bitswang ka hore (kapa karolo ya yona) e leng tjhelete eo o tla e bolellwa pele mmuelli a qala mosebetsi.

Ebang ho na le ‘leano la tjhelete’ leo le dumellaneng ka lona le mmuelli wa hao, j.kMolao wa Leano la Tjhelete wa 1997, moo mmuelli a kekeng a o lefisa tjhelete ntle le haeba o hlotse nyewe, mmuelli a ka nehwa tjhelete e ekeditsweng kapa a o lefise phesente ya tjhelete e fumanweng mothong eo a neng a mo isitse kgotla.

Melatong e meholo, mmuelli a ka o lefisa ka hora,ka letsatsi kapa tjhelete e bitswang ke bohle ho tswarana le molato kaofela – sheba karolong ya rona ya-Melato e meholo mabapi le dintlha tse ding. Nevetec ke khamphani e ikgethileng ho utulleng direkhoto tsa dinyewe tse kgolo kapa ho fumana bohlweki ba ditefikeiti, mme o ka bala tjhebokakaretso ya ditshebeletso tsa bona mona.

Ho fokotsa tjhelete ya hao ya molao le ditjeho

Haeba le buisane ka mokgwa oo tjhelete ya molao le ditjeho le mmuelli wa hao, o nkile bohato ba pele bo hlokehang ho laola tjhelete ya hao ya molao le ditjeho. Le ha ho le jwalo, ho na le dintho tse mmalwa tseo o ka di etsang nakong ya nyewe ho ithusa ho baballa tjhelete le ditjeho ka kakaretso: 

  • Itlhophise:Nakong ya puopehelo ya hao ya pele, tlisa tlhahisoleseding e ngata kamoo o ka kgonang mme o abelane ka yona le mmuelli wa hao. Ngola dipotso tseo o batlang ho di botsa mmuelli wa hao. Sena se ka o thusa ho fokotsa nako eo mmuelli a ka e qetang ho fuputsa taba ya hao le ho bokella tlhahisoleseding.
  • Hlaka: Bolella mmuelli wa hao dintlha. Se ke wa nahana hore mmuelli wa hao o tseba dintho kaofela. Hore a kgone ho sebetsana le taba ya hao hantle, thusa mmuelli wa hao hore a tsebe dintlha ka botlalo. Tlhahisoleseding ya hao e lokela ho bolokwa e le sephiri.
  • Kgothala: Leka ho ba mokgutswanyane kamoo o ka kgonang.
  • Kgokahano: O lokela ho amana le mmuelli wa hao mabapi le taba ya hao mme le lokisetse dikopano. O lokela ho tsebisa mmuelli wa hao ebang ho na le ntho e ntjha e etsahalang. Sena se ka thusa ho fetola mokgwa wa ho sebetsana le taba ena ho boloka nako le tjhelete ya hao le mmuelli wa hao.
  • Hlahloba molato wa hao. Etsa bonnete ba hore molato wa hao mmuelli wa hao ha a kenyeletsa tjhelete le ditjeho ntle le ho tseo ho dumellanweng ka tsona. Ditjheho tsa molato ke tse ding tsa ditjeho tsa molao tse pele tsa Afrika Borwa moo o baling haholwanyane ka tsona.

Top of Page

2. Ho ka etsahalang ha ke sa kgone o lefella ditjeho tsa ka tsa mmuelli? 

 

Inshorense ya molao

Boholo ba rona re tla ba le boiphihlelo ba mathata a molao nakong ya bophelo ba rona. Ebang o na le kgwao mabapi le ditjeho tsa molao, o lokela ke ho nahana ka inshorense. Legalwise ke e nngwe ya Dikhamphani tsa inshorense tse itlhommeng pele Afrika Borwa mme o ka sheba dihlahiswa tsa bonamona.

Tlahisoleseding ya Molao

Boholo ba tlhahisoleseding ya molao e ya fumaneha inthanetengntle le tlhokeho ya ho bua le mmuelli – tlhahisoleseding eo e kenyeletsa: Ho batla Khamphani, Ho etsa patlisiso ya mekitlana, Ho batla Molaodi, Ho batla Ngodiso mabapi le Mobu, Ho latela Mohlala wa Moreki le ho Laola Melato ya batho. Legal City ke e nngwe e itlhommeng pele Afrika Borwa e fanang ka tlhahisoleseding ya molao inthaneteng mme o ka bala ka tjhebokakaretso ya dihlahiswa mona.Ditshebeletso tsa Bongodi tsa Kilgetty ke e nngwe ya dikhamphani ya ditshebeletso tsa bongodi tse hodimo tsa bokgoni Afrika Borwa, ebile o ka bala ka ditshebeletso tsa bona mona.

Ba therisano mabapi le Kgwebo ya Jwala/Liquor Buzniz Consultants ke ba bang ba etelletseng pele mabapi le ngodiso ya dilasense tsa thekiso ya jwalaAfrika Borwa mme o ka bala tjhebokakaretso ya ditshebeletso tsa bona mona

Tumellano (kontraka) ya Molao       

Ha re kgothalletse hore o sebedise dikontraka ‘tseo o di fumanang di se di entswe’ ha o etsa tumellano ya bohlokwa e kang ho reka ho rekisa kapa ho dumella tshebediso ya thepa ya hao – o lokela ho ikopanya le mmuelli mabapi le sena.

Thuso ya Molao Africa Borwa

Thuso ya Molao Afrika Borwa e laolwa ke Molaotheo wa Rephabliki ya Afrika Borwa (Molao wa 108 wa 1996)ho fana ka thuso ya ditjeho tsa mmuso melatong e meholo le ditabeng tse fokolang bathong ba futsanehileng le ba se nang tshepo.Mona ke letoto la dikantoro tsa Thuso ya Molao wa Afrika Borwa, mme mona ke letoto la makgotla a Dinyewe a Bomankistrata.

Hobane Thuso ya Molao wa Afrika Borwa o fumana tjhelete ya lekgetho hore o e sebedisetse bafutsana, o lokela ho etsa bonnete ba hore motho ya kopang thuso o feela a futsanehile e le kannete.Sena se bitswa Teko ya Bokgoni. Motho ka mong ya kopang thuso o lokela ho bolela hore o fumana tjhelete e kae kgwedi le kgwedi e le moputso wa hae le hore motho eo o na le eng, jwaloka koloi kapa ntlo. Monao ka sebedisa leqhama lena ho fumana tlhahisoleseding ya hore ke mang ya lokelang ho fumana Thuso ya Molao wa Afrika Borwa. Mafapha a mangata diyunivesithing a fana ka thuto ya molao moo bareki ba ka tlisang ditletlebo.

Makgotla a Manyane a Ditseko- Ditletlebo tse ka fihlang ho R15 000

Ebang o na le tseko kgahlanong le motho e mong e ka fihlang ho boleng ba R15 000 (e ekeditswe ho tloha ho R12 000 ka la kgwedi ya Mmesa selemong sa 2014) o ikopanye le Lekgotla la Dinyawe la ditseko tse fokolang -Monaho na le letoto la MMD, mme a fumaneha Makgotleng a Dinyewe a Bomankistrata. O keke wa sebedisa mmuelli MMD empa o ka fumana keletso ho mmuelli ho itokisetsa nyewe ya hao. Ditshebeletso tsa MMD ha di lefellwe, empa lekgotla le tla hloka tjhelete e nyane ho buseletsa ditjeho tsa disamane le tjhelete ya Sherifi ya lekgotla.(Mona ke letoto la dikantoro tsa Disherifi). Mokhomeshenare ke yena ya tsamaisang le ho nka qeto ya hore ke mang ya phoso le ya seng phoso. Ebang tseko ya hao e ka hodimo ho R15 000 o ka tela karolo e nngwe ya tseko hore o lefe ka tlase R15 000. Mona ke tayakeramo ya tsamaiso makgotleng a manyane a tseko.

Phetho ya molao wa Moreki

Diphetho tse ngata tsa molao bareki di ka rarollwa ntle le thuso ya mmuelli. Sheba karolo ya rona ya Molaowa Moreki o hlalosang ditokelo tsa hao le hore o ka bua le mang ha o fumana bothata.

Ditaelo tsa tjhelete e hulwang moputsong wa hao (Kanishi)

Ditaelo tsa Kanishi ke ditaelo tsa lekgotla la dinyewe le hlokang hore mohiri wa motho ya nang le molato a lefe karolo ya moputso wa hae hong le phaello ho motho ya kolotwang, ena e ama batho ba dimilione tse 3 tsa bahiruwa Afrika Borwa. (balahaholwanyane) Patlisiso ya selemo sa 2012 ke feme ya molao ENS Africa e bontshitse hore bongata ba ditaelo ha di a tlwaeleha kapa ha se tsona – bahiri ba ka ikopanya le Summit Garnishee Solutions e leng bona ba tla etsa diphuputso. 

Mekgatlo e rarollang dikgohlano tsa molao

Mekgatlo ena e na le matla a ho thusa ho rarolla dikgohlano tsa molao. Hangata ha ho ture ho sebedisa mekgatlo ena ho feta makgotla a dinyewe mme dikgohlano di rarollwa ka potlako.

  • Lekgotla le ahlolang dikgohlano tsa Rente ya Matlo,le thehilweng ho ya ka Molao wa Rente ya Matlo. Sheba karolo ya Mohirisi le Morenti mabapi le dintlha tse ding.
  • CCMA e thehilweng ho ya ka Molao wa dikamano tsa Mesebetsi –Sheba karolong ya rona ya Dikamano tsa Mosebetsi mabapi le dintlha tse ding.
  • Moahlodi wa Letlole la Penshene, le thehilweng ho ya ka Molaowa Letlole la Penshele. Sheba karolong ya rona ya Molao wa Moreki mabapi le dintlha tse ding.

Ditshebeletso tsa Mmuelli tse sa Lefellweng – Pro Bono

E seng mabapi le Mekgatlo ya diNPO e Unang tjhelete, le batho ba hlokang, (batho ba nang le tjhelete e nyane kapa ba se nang yona) ba hlokang thuso ya molao ba ka etsang kopo ya thuso ya molao, bona ba ka etsa kopo mekgatlong ya Molao ya Porofensi e tla sheba dikopo tsa bona e di romele ho Babuelli le Difemeng tsa Molaotse nang le bohlale sebakeng sa kgwao ya hao. Babuelli ba etsetsa tikoloho mosebeti ho ya ka motheo wa ho se etse tefo. Ho ya ka LSSA, ka selemo sa 2013 mekgatlo ya molao e fetiseditse ditaba tsa batho tse 2000 ho babuelli ntle le tefello. Hlokomela: O se ke wa nahana hore hobane NGO ya hao e a ameha, hoo ho bolela hore o tla thuswa mahala. Ho latela tataiso ka kakaretso ho tla ya ka mofuta wa thuso ya molao e hlokehang, hore na NGO e thehilwe ka molao, e na le bopaki ba ditatemente tsa tjhelet, hore Mokgatlo wa Molao o bone hore NGO e ka kgona ho lefella tjhelete ya ona ya molao.

O ka fumana letoto la mabitso le dinomoro karolong ya rona ya Molao wa NGO.

Tlhekefetso ya ditokelo tsa botho, kgethollo e sa lokang, puo ya lehloyo kapa tlhekefetso?

  • O ka ya Lekgotleng la Tekanelo - lena ke letoto la makgotla kaofela a Tekanelo a fumanwang Makgotleng a Dinyewe a Bomankistrata). Motho mang kapa mang kapa mokgatlo o ikemetseng kapa o emetseng ba bang o ka tlisa nyewe Lekgotleng la Tekanelo. Makgotla ana a na le matla a ho kopanya le ho buella, ho fana ka thibelo, ho laela tefello ya ditshenyehelo kapa ho laela motho ho kopa tshwarelo.
  • Ho kgeswa mabapi le tse latelang: botjhaba, bong, thobalano, kemaro, maemo a lenyalo, tswalo, dilemo, mmala, boemo ba thobalano, bokowa, tumelo, setso kapa puo. Ha ho hlokahale ho re o be le mmuelli ebang o tlisa nyewe Lekgotleng la Tekanelo. Kgethollo mosebetsing e rarollwa Makgotleng a Mosebetsi.
  • O ka ya Khomesheneng ya Ditokelo tsa Botho tsa Afrika Borwa (SAHRC), ho ya fuputsa mabapi le tlhekefetso ya ditokelo tsa botho. Ba ka thusa ho hlophisa hore motho a fumane mmuelli ya tla sireletsa ditokelo tsa hae, mme ya ka isang nyewe kgotla - SAHRC ke mokgatlo o ikemetseng mme e ikarabella ho Molaotheo le Palamenteng feela. Mang kapa mang a ka kenya tletlebo ho SAHRC mme o ka etsa seo ntle le Mmuelli. Ho ya ka Khomeshene diqoso mabapi le botjhaba di etsa 80% ya tse 10 000 ya tekano ya ditletlebo tseo e di fumanang.
  • Ebang o ikutlwa hore o kgesitswe mabapi le bong o ka kenya tletlebo ho Khomeshene ya Tekano ya Bong(CGE). CGE ke mokgatlo o ikemetseng o ikarabellang ho Molaotheo kapa Palamenteng feela. Mang kapa mang a ka kenya tletlebo ho yona ntle le ho batla
  • O ka ya dikantorong tsa Motshireletsi wa Setjhaba ha o batla hore ba fuputse ka tseko ya hao mabapi le e nngwe ya tse latelang: mesebetsi e fokolang ya mmuso, bahlanka ba mmuso ba hlekefetsang batho ba bang hobane bona ba okametse. Boitshwaro bo bobe ba bahlanka ba mmuso setjhabeng le bobodu ba mmuso. Motshireletsi wa Setjhaba a ka rarolla dikgohlano, mme a romele ditaba mekgatlong e meng, ka kgwedi ya Phato selemong sa 2013 tlahelo ya selemo e boletse Palamenteng hore Motshireletsi wa Setjhaba o hlahisitse hore kantoro ya hae e fumane ditletlebo tse 3377 nakong ya dilemo tsa 2012 le 2013, e leng palo e kahodimo ka 6400 ho feta selemo se fetileng mme ho tsona 22 400 e ileng ya phethwa. Lena ke leqhama la dikantoro tsa Motshireletsi wa Setjhaba.

Wili ya ho qetela le bopaki

Mokgatlo wa Molao wa Afrika Borwa mmoho le ditho tsa baemedi ba ona, selemo le selemo ba hlophisa beke ya National Wills, hong le difeme tse ngata tsa molao le babuelli moo ba fananang ka ditshebeletso tse sa lefellweng, mabapi le ditho tsa setjhaba tse batlang hore di etsetswe wili ke diporofeshenale tse nang le boiphihlelo. Sena ke boiqapelo ba bona ba naha selemo le selemo. Mona ke leqhama la weposaete ya Mokgatlo wa Molao.

Pro Scripto ke ba bang ba itlhommeng pele ho hlahloba ditokomane tsa forensiki Afrika Borwa – ebang o na le ho qeaqea kabonnete ba tokomane(e kang wili) motekeno kapa mongolo, o ka ikopanya le bona mona.

Leifo la Mehlodi ya Melao

LMM ke leifo la ikemetseng le sa fumaneng kuno le batlang ho sebedisa molao ho batlisisa toka, demokerasi le ho hlokomela ditokelo tsa moruo wa naha. Sena ba se etsetsa batho ba se nang tshepo le ba kgeswang, ho kenyelletswa mafutsana, ba hlokang mobu le ditikoloho tse bolwang ke kgethollo ka lebaka la botjhaba, maemo, bong, bokowa kapa mabaka a itseng a bodulo, moruo, le mabaka a nalane. Ba hirile babuelli ba kahodimo ho 65 mabapi le dikantoro tsa bona tse Johannesburg, Durban, Pretoria le Grahamstown mme hangata ba sebetsa mmoho le mekgatlo ya batho bodulong.

Babuelli ba Ditokelo tsa Batho  

BDB ke mokgatlo o ikemetseng wa ditokelo tsa botho o nang le rekhoto ditshebeletsong tsa ditokelo tsa botho le thahasello ya molao setjhabeng Afrika Borwa. BDB o sebedisa molao mme o matlafatsa demokerasi setjhabeng sa Afrika Borwa. Ho fihlela jwale o fana ka ditshebeletso tsa molao ho batho ba sa tsireletsehang ba kgeswang, ba hlokang hong le ditikoloho tse hlokang, ho batho bao e seng ba naha ena le bao e leng ba Afrika Borwa, ba etswang hampe ho feta tekano le ditokelo tsa bona tsa molaotheo. E na le Ditleliniki tsa molao Johannesburg, Pretoria le Durban, hong le dikantoro Stellenbosch le Upington.

Mokgatlo o sa lefellweng (ProBono)

Ditshebeletso tsa ProBono. Ke tse fanang ka molao o sa lefellweng ho tswa porofesheneng e ikemetseng mabapi le mafutsana. Ha Afrika Borwa e lwantshana le ho fedisa taba ya diahelo tsa kgethollo mme e tobane le bolwetsi ba bofuma, Mokgatlo wa ProBono o thusa ho fana ka ditshebeletso tse sa lefellweng ka tshebediso ya difeme tsa molao. Ke mokgatlo wa pele ebile ke wona feela naheng ena, mmotlolo wa ona o motjha o fana thuso ya molao wa dimilione tsa diranta ho tswa porofesheneng e ikemetseng ho batho hlokang tshepo le ba kgesehieng. Sepheo sa mosebetsi wa ona ha se feela ho ntlafatsa tlhokeho ya mehlodi ya molao mabapi le mafutsana, empa ke ho tsamaisa phetoho ya porofeshene ya molao ho etsa hore e ikamahanye ka botlalo le hore e sebetse ka matla ho phahamisa ditokelo tsa batho ba futsanehileng, le taolo ya molao. Tse ding tsa ditshebeletso tsa bona di kenyelleditse thuso ya molao ya mahala ditlelaenteng tse kahodimo ho 6 500 ka selemo dikantorong tsa Johannesburg le Durban, diahelo moo ditlelaente di hlokomelwang, di hlahlojwang le ho romelwa ho babuelli ba ikemetseng ho fumana thuso ya mahala ya molao le ho tshwara ditleliniki tsa mahala beke le beke mabapi le baphaphathehi, batho ba nang le mathata a matlo, ba nang le boiphihlelo ba tlhekefetso ya mapolesa, batho ba nang le mathata a molao, diNGO le di CBOs tse hlokanng thuso ya molao, le dikgwebo tse nyane tse hlokang thuso ya molao ho theha kgwebo hara tse ding.

Ho rarolla tsekaniso ntle le ho ya lekgotleng la dinyewe

Mathata a mangata a molao a ka rarollwa ntle le ho ya kgotla mme hangata sena ke kgetho e sa bitseng tjhelete e ngata mabapi le ho lefella tsekisano. Ditsela tse fapaneng tsa ho leka ho rarolla tsekisano ntle le ho ya kgotla ho kenyelletsa:

Dipuisano – ho bolela hore batho ba nang le mathata ba buisana ka mathata ba bona mme ba leke ho a rarolla ka ho fumana tharollo e tla ba lokela ka bobedi.

Puello– puello e etsahala ha batho ba nang le mathata ba dumela ho batla motho wa boraro ho kena dipakeng tsa bona ho thusa ho rarolla qaka. Ho tloha ka la 13 kweding ya Tlhakubele selemong sa 2014 melao e meng e laolang diketsahalo Lekgotleng la Dinyewe la Mankistrata e ntjhafaditswe mme ho nkilwe mehato ho hlahisa puello sistiming ya kgotla. O ka bala haholwanyana ka hore hobaneng puello e le kgetho e betere ho feta tumellano ya kgohlano

Tumellano mabapi le kgohlano– e etsahala ha batho ba babedi ba nang le mathata ba dumela hore motho wa boraro a kene dipakeng ho mamela tsekisano ya bona mme ba etse qeto eo batho bao ba babedi ba tla dumellana ka yona.

Letlole la tumellano ya tjhelete – Ho ya ka selemo sa 2004 letlole la tumellano le amohetswe e le molao ha Lekgotla le Phahameng la Boipiletso le dumella tshebediso ya tjhelete ya letlole e tswang ka ntle dikgohlanong tsa molao. Le hoja babuelli ba sa dumellwe ho nka 25% ya tefello, ha ho molao Afrika Borwa o bolelang hore tjhelete e fumanweng e lokela ho arolwa pakeng tsa batshehetsi ba tjhelete le motlalehi. Ho na le mekgatlo e mmalwa e ikemetseng Afrika Borwa e tsetelang tjhelete melaong ya dikgohlano, e rekang ditseko kapa dikahlolo, ba tsetela le ba kolotwang kapa ba tsekang kapa ba fanang ka tjhelete ya letlole, dipuisano kapa tefello ya tseko. Feme e fanang ka tjhelete ena ha e a lokela hore e be mmuelli ya tsebahalang ka ha sena se ka tlisa mathata a kgohlano ya ditakatso. E ka ba thahasellong ya mmuelli ho lefella nyewe moo monyetla wa ho hlola o fokolang, athe moo tefello e entsweng qalong e keke ya nka lehlakore le leholo la motlalehi.

Diahelo tsa Christopher Consulting di fana ka ditharollo tse matla mabapi le ditjhelete tsa tefello mme o ka bala tjebokakaretso ya ditshebeletso tsa bona mona.

Molao o tlamang wa thibelo ya nyewe - molao ona o matla o ka hlaloswa e le o mong o kenyelletsang mosebetsi wa tlhekefetso ka bongata. Pele molao ona o ka dumellwa, motho o lokela ho qala ka ho etsa kopo e atlehileng lekgotleng mme e hatiswe e le e tlamang. Molao wa pele o tlamang o ileng wa atleha o ne o tliswe ke batsamaisi ba bohobe ba neng ba tseka botsitso ba theko ya bohobe Lekgotleng la Molaotheo ka selemo sa 2013. Mme yaba ka kgwedi ya Phato selemong sa 2014 batsofe ba Transnet ba dumellwa ho tswela pele ka molao kgahlanong le mekgatlo ya mmuso e rwalang le ho tsamaisa thepa le letlole la ba lokelang ho fumana tjhelete ya botsofe e tswang mmusong. Batsofe ba fumanang tjhelete ya botsofe ba tla fumana tjhelete letloleng lena ba tla kenyeletswa molaong ona ntle le ha ba keke ba kgetha ho etsa jwalo. 

Top of Page

3. Boemo ba Tlhokeho ya Katleho – Tlhokeho ya Tefo bo sebetsa jwang ha o sebedisana le mmuelli?

 

Sena hape se ka bitswa tlhophiso ya tumellano bolelang hore Mmuelli kapa Feme ya Molao e ka o bitsa tjhelete ha feela ba atlehile nyeweng ya hao. Sena se tla etsahala ha tumellano ya tefo ho ya ka Molao wa Tumellano ya tefo wa 1997. (Molao wa 66 wa 1997)Ha mmuelli a ka hlolwa ke nyewe, o tla tlameha ho lefa ditjeho tse etsahahetseng. Haeba mmuelli a atlehile ke yena ya tla o lefisa tefo e eketsehileng kapa phesente ya ya neng a isitswe kgotla. Ebang tefo ya katleho e phahame ho feta e tlwaelehileng ya Mmuelli, tefo e phahameng e ka:

  • Se fete e tlwaelehileng ya mmuelli ka diphesente tse 100.  
  • Nyewe ya tseko ya tjhelete, e sa feteng diphesentse tse 25 ya paloyohle e fanwang kapa paloyohle efe kapa efe ke tlelaente kamorao ho tsamaiso ya nyewe. Tefo ya tlumellano e ka etsahala mefuteng e latelang ya ditaba:
  •  Tseko ya molao ya melato
  •  Tseko kgahlanong le Letlole la Diketso Mebileng ( LDM)
  •  Tseko ya tshebediso e bohlaswa ya meriana
  •  Tseko ya molao wa melato setjhabeng, mohlala, tseko kgahlanong le Letona la Sepolesa, Bophelo, Dipalangwang le SANRAL. Ketelo ya pele ho hlahloba tseko ya hao hangata e mahala, sheba karolo ya rona ya Molao wa Kotsi ho wena mabapi le dintlha tse ding. 

Top of Page  

4. Ke dintlha dife tse lokelang ho hlokomelwa pele ho nkwa bohato ba ho isa tseko kgotla?

 

Ebang o hloleha ho rarolla nyewe le motho e mong ka pusiano, ebang ha ho thuso e nngwe e ka hlahang, o ka kopa tjhebo ya nyewe kgotla. Le hoba maemo ke afe, mang kapa mang ya nang le tseko o lokela ho ba le pheko le hoba mohlomong o na le tokelo eo ebang e thibetswe, kapa e na le tseko ya tshireletso kgahlanong le yena. Sena se hlalositswe ho Ubi jus ibi remedium – moo ho nang le tokelo, ho na le pheko. Le ha ho le jwalo ho araba potso ya motseki:‘Na ke na le tokelo?’ Ke kgato ya pele ya ho qala dipuisano. Dipotso tse ding tse lokelang ho arajwa ke:

  • Ke lekgotla lefe la dinyewe leo ho lokelang ho uwa ho lona? Hape sa bohlokwa tabeng ena ke Taolo ya Tjhelete e tla bakwa ke mabaka a fapaneng Makgotleng a Dinyewe, le a qetetseng ho ntjhafatswa ka 1 Phupu 2014 le ditaolo tsa tjhelete ya Makgotla a Mabatowa le a
  • Dipuisano di lokela ho tsamaiswa jwang?
  • Ke pheko efe e lokelang o fumanwa
  • Ke ditokomane dife tse lokelang ho fumanwa?
  • Motho e mong o lokela ho fuwa nako e kae?
  • Ke bopaki bofe bo lokelang ho fuwa lekgotla?
  • Ke tshebetso efe e lokelang ho latelwa ke lekgotla?
  • Ke sefe se ka etswang ho tlamella kahlolo eo lekgotla le ka e nkang?
  • Ke lekgotla lefe leo ho ka iswang nyewe ho lona ebang kahlolo ha se e kgotsofatsang?

Top of Page  

5. Ke mefuta efe ya ditseko mabapi le ditsheyehelo mme di ka hlahlojwa jwang? 

 

Ebang o fumana kotsi, tahlehelo kapa tshenyehelo ka lebaka la ketso ya motho e mong kapa ya hlolehang ho etsa ho hong, o ka tseka ditshenyehelo kapa tefo ho tswa mothong eo, ebang o na le bopaki ba hore:

• O entse ketso ya ho kwenehela kontraka, kapa

• Entse phoso e mpe mothong jwaloka ho mo ntsha kotsi kapa ho mo senya lebitso

Ho kwenehela kontraka – ditshenyehelo tse kang tsa ho kwenehela kontraka, jwalo ka ho reka kapa ho rekisa, ho fanwa ka lebaka la hore hobane le hoja tefo e entswe, motho ya utlwileng bohloko o tla behwa maemong a le mang a tjhelete jwloka ha kontraka e phethilwe ka nepo, ho sa kgathallehe kapa ho kwenehela kontraka ho matla hakakang hore e ka boela e hlakolwa. DItshenyehelo tse ka fumanwang e ka ba tsa ho lahlehelwa ha tjhelete (damnum emergens) le kuno ya tjhekete (lucrum cessans) tse sa etswang. Sheba karolong ya rona ya Molao wa Kontraka mabapi le dintlha tse ding.

Kotsi– Hangata dikotsi tse hlahang ka lebaka la ketso e phoso ya batho, di bontsha phapano pakeng tsa tjhelete e teng ya maemo a motlalehi le maemo ao a ka beng a le ho wona ebang ketso e mpe ha e ya etsahala. Ditshenyehelo di lefella tahleho e etsahetseng kapa tahlehelo e ka etsahalang, le tefello ya mahloko le bokowa bo ka etsahalang ka lebaka la kotsi. Sheba karolo ya rona mabapi le dintlha Molao wa Kotsi ya Motho mabapi le dintlha.

Tshenyo ya Lebitso– moo seriti sa motlalehi se senyehileng tefo e etswa mabapi le thohako, ho nyediseha le ho utlwa bohloko. Sheba karolo ya rona a molao wa Tshenyo ya Lebitso mabapi le dintlha tse ding.

Tshenyo ya thepa–moo thepa ya hao e sentsweng ka phoso kapa e sentsweng ditshenyehelo tsa hao di ka hlahlojwa ho ya ka boleng ba tahlehelo ya thepa ya hao. Ditjheo tsa ho e lokisa e ka ba tekanyetso e tshwanelehileng ebang e hlokeha, ebang ha e fete ditjeho tsa ho e lokisa e boele madulong a yona a pele. Le hoja motlalehi a ka tseka puseletso mabapi le tahlehelo le tshebediso ya kuno, tahlehelo ha e a lokela ho se natse maemo a motho ya entseng ketso – mme o lokela ho nka bohato ho di fokotsa.

Ditshenyehelo kamora lefu – o ka nna wa kgetha ho etsa dintho tse nne tse fapaneng mabapi le ditshenyehelo tse hlahang kamora kotsi e tshabehang:

• Bana ba ka tseka mabapi le tahlehelo ya ho fumana tshehetso ka tjhelete.

• Moemedi ya emetseng lelapa la mofu, a ka tseka ditshenyehelo mabapi le bohloko bo bakilweng ho mofu ebang tsamaiso e se e entswe ke yena.

• Ho ka tsekwa ditjeho tsa lepato.

• Ho ka tsekwa ditjeho tsa sepetlele tse etsahetseng pele ho lefu.

Diphoso tse ding tsa setjhaba:

Phutuhelo ya hlompho – (kgahlanong le tshenyo ya lebitso) di nkwa e le dintho tse tshwanang mabapi le tshenyo ya lebitso

Bofebe– ditshenyehelo tse thehilweng hodima tlhompho ya motlalehi le lenyalo. Dintlha tse (bakileng tlolo ya molao) di nkelwa hloko. Ka kgwedi ya Loetse selemong sa 2014 Lekgotla le Phahameng la Boipiletso le fedisitse molao ona le bolela hore ke ‘wa kgale’ mme ho hopolwa kamoo monna a neng a na ‘thahasello’ho mosadi wa hae. Lekgotla le boletse hore ebang balekane ba lahlehetswe ke boitshwaro ba bona ba boikano, lenyalo le tla nyopa mme kahlolo e etswang ke motho wa boraro e keke ya fetola letho.

Ho tshwarwa le ho kwallwa ka phoso. Molao ona o sebediswa le dinyeweng tse kenyelletsang ho qoswa ka lehloyo, ho tshwarwa le ho kwallwa ka phoso.

Ho itshunya ditabeng tsa kgwebo ho se molaong – ditshyehelo di lokela ho busetsa motlalehi maemong a hae a ditjhelete ao a neng a le ho na pele ho nyewe.

Ho tlola kontraka ya bongodi– ho ya ka Molao wa Bongodi, melao e ikgethileng e laola ditshenyehelo ho latela ketso ya ho tlola tumellano ya bongodi.

Ho tlola tekanyetso ya tokelo ya pepeneneng – kuno e entsweng ke motshireletsi e ka tsekwa (sheba Molao wa Pepeneneng

 

Top of Page

6. Mmuelli wa ka o hlotse nyewe ho kenyelletswa le ditjheho. Jwale o nthomelletse molato. Sena se sebetsa jwang?

 

Ho na le mefuta e 2 ya ditjeho:

Ditjeho tsa motlalehi le ditjheho tsa tshebetso ya nyewe- e leng ditjeho tse etsahalang nakong ya nyewe. Hangata ditjeho tsena, tseo tjhelete ya tsona e ngolwang fatshe ka semmusosemmuso, di nehwa ya atlehileng nyeweng ka molao: Ka mantswe a mang ditjeho di bitswa e le ditjeho tsa Mmuelli ya hlotseng nyewe mabapi le ho fana ka ditaeho tsa ho isa motho kgotla, ho lokisa ditokomane, dikopo tse latelang ho feta moo, ho lokisetsa nyewe le ho hlaha kgotla. Ditjeho tse ntjha (tjhelete) di qadile ho sebetsa ka la 24 kgweding ya Hlakola selemong sa 2015.

Ditjeho tsa Mmuelli le tlelaente e leng ditjeho tse kamorao ho ditjeho tshebedisanong ya nyewe tseo mmuelli a lokelang ho di batla ho tlelaente ya hae mabaoi le ditshebeletso tsa hae tsa boporofeshenale tse lokelang ho lefuwa ho sa kgathallwe ditlamarao tsa nyewe. Sena se kenyelletsa ditjeho tse entsweng pele ho qalwa mosebetsi. Ditjeho tseo e leng tsa mehopolo e etsahetseng pele nyewe e qaleha pakeng tsa mmuelli le tlelaente. Hopola hore sekepele sa tjhelete ya semmuso e sebetsa feela ebang ho se tumellano pakeng tsa hao le mmuelli wa hao ya hore ditjheho di tla nyoloha. 

Top of Page

7. Mesebetsi e meng ya letsatsi ka leng mmuelli ke efe??

 

Mmuelli o kopana le tlelaente ya hae mme o qala mesebetsi ya letsatsi ka leng, e kang:

  • Theko le thekiso ya thepa
  • Ngodiso ya bonto ya thepa
  • Ho rala diwili le ditumellano (dikontraka)
  • Ho ngodisa dikhamphani
  • Ho phethisa mafa
  • Dikopo tsa dilaksense le diphemiti
  • Ho lokisetsa le ho tshwara dinyewe kgotla

    Lena ke letoto la Makgotla a Phahameng a Nahale Baokamedi ba makgotla a Phahameng, hape letoto la Makgotla a Bomankistrata 

    Top of Page

    8. Ke ditlhoko dife tse hlokehang hore motho a kgone ho ba mmuelli Afrika Borwa?

     

    Ditlhoko tsa ho ba mmelli Afrika Borwa di hlalositswe ke  Molao wa Babuelli wa 53 wa 1979 le melao e tummeng ho ya ka Molao:

    Matla a motho - motho o nkwa a le matla mme a lokile ke Mokgatlo wa Molao le Lekgotla le Phahameng la Dinyewe pele a ka amohelwa ho ba mmuelli.

    Mangolo a Thuto- ha jwale lengolo le amohelehang ka sepheo sa ho ba mmuelli ke lengolo le phahameng la LLB (le nkang dilemo tse seng ka tlase ho tse 4) le fumanwang yunivesithing e nngwe le e nnwe Riphabliking ya Afrika Borwa. Ho tloha ka selemo sa 2015, baithuti ba lakatsang ho ithutela molao Yunivesithing ya Wits, ba lokela ho qeta dilemo tse tharo tsa lengo la BA kapa la BCom dithutong tsa molao pele ba nka dilemo tse pedi ho feta moo tsa programa ya LLB. Diyunivesithi tse ding di ka nna tsa latela kamorao. Le latelang ke letoto la diyunivesithi tse fanang ka diahelo tsa thuto ya molao.

    Ditlhahlobo tsa ho amohelwa tsa babuelli di lokela ho qetwa ka katleho pele ho kamohelo.

    Tshebeletso ya Masedinyana a Botlelereke kapa Tshebeletso ya Tumellano (kontraka)

    Boiphihlelo bo tshwanelehileng- Ho entswe hore ha motho a ka etsa kopo ho lokollwa ditshebeletsong tlasa kontraka ebang o qetile nako ya dilemo te hlano sebakeng sa ‘boiphihlelo bo tshwanelehileng.’

    Boikwetliso bo Tlamang ba mosebetsi wa molao - motho o lokela ho phetha khoso ya boikwetliso ya mosebetsi wa molao, e nkelwang hloko ke Mokgatlo wa Molao Afrika Borwa.

    Mosebetsi wa taetso wa bolaodi- khoso ya mosebetsi wa balaodi ke o tlamang mabapi le babuelli ba lokelang ho fuwa Fidelity Fund Certificate sa bona sa pele, esale ho tloha ka la 14 kgweding ya Phato selemong sa 2009.

    Thuto ha holelwe, hoo motho a kekeng a ithutela kapa a sebeletsa molao mabapi le tlhohlelletso ya ho ithuta, bala haholwanyane ka Cornelia Leonard wa Leonard Attorneys Johannesburg, ya neng a bule mosebetsi wa hae wa molao ka selemo sa 2014 a na le dilemma tse 66, le Nelson Mandela ya fumaneng legolo la hae la LLB ka selemo sa 1989 a le lemo di 69. Mabapi le tlhahisoleseding e nngwe ikopanye le Mokgatlo wa Molao wa Afrika Borwa. 

    Top of Page

    9. Mesebetsi ya nothari le khoneyansa ke eng? 

     

    Nothari ke mmuelli ya atlehileng ditlhahlobong tse hlokwang, ya amohetsweng ke Lekgotla le Phahameng la Dinyewe e le nothari. Ke nothari feela ya nang le tokelo ya ho etsa, ho paka le ho hanyetsana le ketso, e kang kontraka ya kabo ya thepa pakeng tsa banyalani, dikontraka tsa takatso ya ho fana ka matla a ho arola kuno ya thepa e fokolang ya monnga yona le ho e fetola hore e be kuno e kgolo ya hae kapa ya motho e mong osele, setlamo se selelele sa tumellano le setlamo sa ditokeko tsa dintho tsa tlhaho tse epuang.

    Hape nothari o fana ka matla a taolo ya ditokomane tse itseng. Ngodiso e nngwe le e nngwe ya kabo ya mobu pele e atleha e lokela ho feta ho yena e na le letshwao le ikgethileng le tiisitsweng le manamisitsweng, mme khopi ya tokomane eo e bolokwe ke nothari faeleng ya hae e ikgethileng e tla nomorwa mme e tlangweka thata nako le nako e behwe sebakeng se sireletsehileng.

    Khonveyansa ke mmuelli ya atlehileng ditlhahlobong tse hlokwang tsa molao, ya sebetsang le ho tsamaisa mesebetsi ya theko le thekiso ya thepa ka molao ho tloha mothong e mong ho ya ho e mong ho ya ka Molao wa Babuelli wa 1979, ya dumelletsweng ho sebetsana le thekiso ya thepa e tsitsitseng ke Lekgotla le Phamemn la Dinyewe.

    Babuelli ba dikhonveyansa ba tswellisa le ho nehelana ka setlamo sa bonto (hara dintho tse ding) le ho boloka ditokomane tsa setlamo/tumellano difaeleng tsa bopaki ba ngodiso ya thep (sheba Molao wa Ngodiso ya Thepa ), moo ho nang le rekhoto ya bohle. Thekiso ya thepa ke mofuta o ikgethileng mme ho ya ka Mokgatlo wa Molao ho na le dikhoneyansa tse 5001 Afrika Borwa. 

    Top of Page

    10. Mekgatlo ya sehlooho e hlophilwe jwang Afrika Borwa?

     

    Molao wa ditjhaba tsohle ka nako e nngwe o bitswang molao wa setjhaba wa lefatshe o thehilwe ka mokgatlo o busang dikamano pakeng tsa dinaha nakong ya kgotso, dintwa le bonamodi.

    Melao ya Kgohlano ka nako e nngwe e bitswang molao e ikemetseng wa ditjhaba tsohle o sebetsanang le bothata ba ho kgetha sistimi ya molao o lokelang ho sebediswa tharollong e kenyelletsang dintho tsa dinaha tsa ka ntle moo ho nang le disistimi tse pedi kapa ho feta.

    Molao wa Naha oo e leng mokgatlo o emetseng taolo ya melao e tla sebediswa le meedi ya yona.

    Molao wa Tsamaiso o thehilwe ka mpkgatlo wa melao e busang tshebediso ya melao ya ditokelo tse fanweng tlasa molao wa sebele, molao o nang le bopaki, molao o hlalosang dintlha tsa taba, le hoba ke nyewe ya tlolo ya molao e kgolo kapa e nyane, di lokela ho ba le bopaki.

     Molao wa sebele o thehilweng ka makala a molao a sebetsanang le ho theha, tshebetso le ho fediswa ha ditokelo le mesebetsi, mme o ka arolwa pakeng tsa molao wa bohle kapa wa sephiri. 

  • 1. Molao wa Setjhaba o busa kamano pakeng tsa mmuso le dintho tsa wona, mme o shebana le molao wa taolo, molao wa molaotheo, molao wa tsa mesebetsi le molao wa lekgetho.

  • 2. Molao wa Sephiri o tobane le dintho tsa mmuso le kamano e pakeng ya tsona. O kenyelletsa molao wa batho le malapa, molao wa kgwebo (o kenyelletsang molao wa dikhampahni, molao wa disebediswa tseo ho ka dumellanwang ka tsona le molao wa ho putlama kgwebong (insolvency), molao wa thepa, molao wa tatellano le molao wa boitlamo (o ka arolwang e le molao wa dikontraka, molao wa tshwaro e mpe le molao wa moo ho hlokehang bopaki bo tletseng) x Mekga e kahodimo ha e kenyelletse makala kaofela a molao, athe hape ho na le makala a tsamaelanang a fapaneng a molao. 

    Top of Page

    11. Boemo ba makgotla ke bofe Afrika Borwa?

     

    Makgotla ke ana:
  • Lekgotla la Molaotheo: ntjhafatso ya Molaotheo wa 17 o matlafatsa Lekgotla le Phahameng la Dinyewe e le lona le okametseng la naha. Molao ona o bile o ngololla Karolo ya 167 ya Molaotheo mme o bolela hore Lekgotla la Moaotheo le na le matla taolong ya ditaba dife kapa dife tseo le ka dumellwang hore di fetisetswe lekgotleng la boipiletso
  •  Lekgotla le Phahameng la Boipiletso
  •  Makgotla a Phahameng
  •  Makgotla a ditereke le Makgotla a Bomankistrata
  •  Makgola a Ditseko tse Nyane
  •  Makgotla a selehae le makgotla a marena le boramohlongwana Makgotla a tobaneng le mefuta e ikgethileng ya dinyewe:
  •  Lekgotla la Boipiletso ba Mosebetsi:
  •  Lekgotla la Mesebetsi la Boipiletso le sebetsana le boipiletso bo tswang Lekgotleng la Mesebetsi. Ntjhafatso ya Molaotheo ya 17 e etsa hore ho se hlolwe ho etswa boipiletso Lekgotleng la Boipletso la Mesebetsi – empa batho ba ye Lekgotleng la Molaotheo le nang le boikgethelo ba ho ho fana ka boipiletso.
  •  Lekgotla la, Mesebetsi: le sebetsana le dikgohlano tse tlasa Molao wa Dikamano tsa Mesebetsi
  •  Lekgotla la Tseko ya Mobu: le sebetsana le ditseko tsa beng ba mobu

    Makgotla a malapa: a sebetsana le ditaba tsa malapa tse kang tlhalano (a wela tlasa makgotla a setereke)

Makgotla a Tlhokomelo

Makgotla a bana ba so kang ba tiya

Makgotla a bana

Makgotla a Lekgetho Lekgotla le ahlolang metsi

Makgotla a Tekano

Makgotla a morena le boramohlongwana

Makgotla a fapaneng Afrika Borwa le boipiletso kapa tjhadimo ya tsamaiso

 

 

Courts

Top of Page

12. Mosebetsi wa Mokgatlo wa Molao ke ofe? 

 

Mokgatlo wa Molao wa Afrika ke mokgatlo o laolang porofeshene ya molao Afrika Borwa. O tlisa ditho tsa mabatowa a tsheletseng mmoho – Mokgatlo wa Babuelli ba Batsho, Mokgatlo wa Molao wa Kapa, Mokgatlo wa Molao wa Kwazulu Natal, mokgatlo wa Molao wa Diporofensi tsa Leboya, Mokgatlo wa Molao wa Freistata le Mokgatlo wa Molao wa Demokerasi ya Babuelli. Ho ya ka Molao wa Babuelli wa 1979, Babuelli Afrika Borwa ba ngodisitswe letotong la molao o thehilweng, wa mokgatlo wa molao wa porofensi le moo ba sebeletsang teng

Mabapi le babuelli ba:

Gauteng, North-West Province, Mpumalanga le Limpopo

Mokgatlo wa Molao wa Diporofensi tsa Leboya

Tel (012) 338 5800

Mababi le babuelli ba: Gauteng, North-

Gauteng, North-West Province, Mpumalanga and Limpopo

Mokgatlo wa Molao wa Northern Provinces

Tel (012) 338 5800

www.northernlaw.co.za

Freistata

Mokgatlo wa Molao wa Freistata

Tel (051) 447 3237

www.fs-law.co.za

Kwazulu-Natal

Mokgatlo wa Molao wa Kwazulu-Natal

Tel (033) 3451394

www.lawsoc.co.za

Kapa Bophirima, Botjhabela, le Kapa Leboya

Molao wa Mokgatlo

Tel (021) 443 7600

www.capelawsoc.law.za

Ho ya ka Molao wa Babuelli wa 1979, Babuelli ba wela tlasa matla a taolo le tao ya mokgatlo wa porofensi moo ba sebetsang teng. Mekgatlo ya molao e sebetsa ho ya ka takatso ya setjhaba mme e lokiseditswe ho fuputsa ditletlebo tse isitsweng ho balaodi ka tumelo le matla ao ba welang tlasa ona. 

Top of Page

13. Molao o motjha o Thibelang Tlhekefetso o ka ntshireletsa jwang ebang ke a hlekefetswa? 

 

Molao wa Thibelo ya Tlhekefetso o qadile ho sebetsa ka la 27 kgweding ya Mmesa selemong 2013, o o dumellang ho batla taelo ya tshireletso kgahlanong le mang kapa mang ya o hlekefetsang a o tobile kapa a sebedisa media.

Nakong ya ho feta o ne o ka fumana taelo ya tshireletso lekgotleng la mankistrata kgahlanong ya Tlhekefetso ha feela e ne e le kamano pakeng tsa ba lelapa (sheba Molao wa Tlhekefetso ya Lapeng wa 1998) mme o sebetsang bathong ba neng ba beheletswe lenyalo, banyalani, balekane ba phelang mmoho kapa ba kileng ba phela mmoho kapa motswadi le ngwana, tabeng ya ho hlekefetswa ke motho e mong o ne o tla tlameha ho etsa kopo Lekgotleng le Phahameng ho fumana tumello ya thibelo mothong ya o hlekefetsang.

Ebang o kgolwa hore o a hlekefetswa o ka etsa kano lekgotleng la mankistrata mme o fumane taelo ya tshireletso ya nakwana. Tsebiso ya kopo ya taelo ya tshireletso ya ho qetela e lokela ho romelwa ho ya tla ikarabella mme e lokela ho bontsha hore moqosuwa o hlaha neng lekgotleng la dinyewe.

Ebang o nahana hore o sentswe lebitso o ka bala haholwanyane monaka Molao wa Tshenyo ya Lebitso.

 

Top of Page

14. Nka etsang ebang ke hlekefetswa kapa ke hlorisetswa molato oo ke se nang wona?

 

Ka bomadimabe boiphihlelo bona bo fumanwa ke batho ba bangata mabapi le diakhaonto tsa kgale kapa tse seng di sa sebetse, melato le ditjeho tsa mmasepala. Mabaka a mangata a amana lemoo dikoloto di neng di bokellwa kateng ho kenyelletswa le ditsi tsa mehala tse sebediswang ke babuelli.

Tsena di kenyelletsa:

    •  Tshoso ya ho romela motho diahelong tsa mekitlana (credit bureau) tse seng molaong ho ya ka National Credit Act 34 ya 2005.
    •  Ho tshosetswa ka ho nkelwa bohato kapa ho fumana theolelo ebang o dumela ho lefa molato.
    •  Ho hlekefetswa ka melaetsa ya disms, difounu tse se nang hlompho ho tswa ho basebeletsi ba bokellang dikoloto le ka mangolo a mangata a botsang.
    •  Ho batla hore batho ba nang le melato ba fane ka bopaki ba hore ha ba sa kolota tjhelete eo, mme motho ya kolotwang ke yena ya lokelang ho fana ka bopaki. Ho hloleha ho romella moreki ditatemente tsa akhaonto ha a di batlwa. Ho ya ka sena, Mokgatlo wa Molao wa Diporofensi tsa Leboya o sa tswa bolela tse latelang:

Ebang mmuelli o tswela pele ho romela mangolo a sa feleng (disms) ho motho ya kolotang, a tseba hantle hore ho kgahlanong ho ya ka melao e sebeditsweng mabapi le molato ona, ketso e jwalo e nkwa e le tlhekefetso ho tswa ho mmuelli mme kahoo e nkwa e se boitshwaro ba porofeshenale ba mmuelli eo. Tletlebo e ka romellwa ho mokgatlo wa molao hore ho etswe phuputso mabapi le ho laya mmuelli eo ebang boitshwaro boo bo ntse bo tswella.

Top of Page

15. Na tjhelete e bolokilweng Akhaontong ya Letlole la Mmuelli e lefa phaello?

 

  • Ha o tshepa mmuelli ho boloka tjhelete ya hao, le hoba ke peeletso kapa tefo ya thepa eo o e rekang – mmuelli wa hao o lokela ho kenya tjhelete ya hao akhaontong ya hae ya letlole. Phaello e fumanweng ho Letlole la Babuelli la Fidelity ka 2011 e entse dimilione tse R213.
  • Letlole lena ke mokgatlo o thehilweng ho mme o laolwang ke Molao wa Babuelli mme o fana ka tefello ya inshorense ya porofeshene ya babuelli ebang ba tobanne le ditseko tsa boshodu. Mohlala, letlole le kenyelletsa ho lefella tjhelete e utswitsweng e neng e lokela ho ngodisa thepa e tsitsitseng, boshodu ba tjhelete ya mofu kapa ya thepa e putlameng (insolvent), kapa ba tjhelete e lokelang ho lefa motho tseko ya kotsi. Ka tsela ena letlole le fana ka boemo ba motheo ba tefello ya porofeshene e tswang ho mokgatlo ho Letlole la Inshorense ya Tefello ya Babuelli.
  • Tshireletso e fanwang ke Letlole e kgothaletsa setjhaba ho sebedisa ditshebeletso tse fumanwang mosebetsing wa molao ka boitshepo
  • Ho ya ka Molao wa Babuelli, ntle le ha o ka fa mmuelli taelo e ikgethang ya ho kwalla tjhelete ya hao hore o kgone ho una ho ya ka karolo ya Molao wa 78(2A), o keke wa fumana tefo ya phaello ya tjhelete ya hao, mme ha ho molao o tlamang hore mmuelli wa hao a o bolelle sena. E ba le bonnete ba hore wena tlelaente, o bolelletswe tsohle ka dikgetho tsa hao mabapi le molao, hore o kgone ho nka qeto e nepahetseng.
  • Le hoja Letlole la Inshorense ya Tefello ya Babuelli (LITB) le fana ka boemo ba motheo ba tefello ya porofeshene, mme hang ha tjhelete ena e fedile, balaodi/ balekane ba feme ya molao ba kopane ba le boikarabelo mabapi le tjhelete e eketsehileng e kolotwang ho e neng e fanwe ke LITB. Sena se ka tlisa ditlamorao tse bosula mabapi le feme ya molao mme babuelli ba ka bala sena mona mabapi le hore ba ka boela ba fumana keketso ya tjhelete jwang. Botsa hape hore na feme ya molao e na le inshorense ya PI e lekaneng na.

 

Shackleton Risk Management Banner

 

Top of Page