babueledi Read in English Lees in Afrikaans Read in isiZulu Read in isiXhosa

banner 1 english

 

DITEFISO TSA KAMOHELO YA MOLATO

Bukana ena e reretswe ho hlalosa ditlamorao tsa ho lefa tefiso ya kamohelo ya molato le ho fana ka malebela a tshebediso Ie a semolao ha batho ba tswarwa mme ba fuwa kgetho ya ho lefa tefiso ejwalo.

Ditefiso tsa kamohelo ya molato ke eng?

South African Police Service (SAPS) e ka fa motho, ya tshwerweng ka pelaelo ya tlolo e nyane ya molao, kgetho ya ho lefa tefiso ya kamohelo ya molato. Tefiso e jwalo ke karolo ya tsamaiso ya rona ya molao mme e dumella motho hore a amohele molato bakeng sa tlolo e nyane ya molao ntle Ie ho ya hlaha ka lekgotleng. E thibela kimetso e sa hlokahaleng ya tsamaiso ya lekgotla. E reretswe ho rarolla ditaba tse seng mpe haholo ka potlako moo motho ya qoswang a amohelang molato bakeng sa tlolo e nyane ya molao. Leha ho Ie jwalo, batho ba bangata ba lefile tefiso ya kamohelo ya molato hore ba ntshwe ditlamong tsa sepolesa— ba sa tsebe hore e bolelang Ie hore na e tla ba ama jwang. Ka bomadimabe, ho na Ie ditlamorao tsa ho lefa tefiso ya kamohelo ya molato tse ka pokelang motho ka dilemo tse ngata tse tlang.

Ho bolilokwa ho bua pele le leqwetha pele o lefa tefiso ya kamohelo ya molato.

Kgetsi ya Mong.Tong

Dilemong tse sa tswa feta makgotla a sebetsana Ie dikgetsi tse mmalwa tse kenyeletsang ditefiso tse fosahetseng tsa kamohelo ya molato. Lekgotla Ie Phahameng: Karolo ya Kapa Bophirima Ie shebane Ie taba ya Mong.Tong ya ileng a tshwarwa ke mapolesa ka qoso ya ho ba Ie matekware. Ka letsatsi leo a tshwerweng ka Iona, o ile a ntshwa ditlamong kamora hore ntate wa hae a lefe tefiso ya kamohelo ya molato bakeng sa hae. Ntate wa hae o bile a tekena ditokomane ho netefatsa tokollo ya hae. Mong. Tong ha a ka a fuwe kemelo ya semolao mme mapolesa ha a kaba mo hlalosetsa mekgwatshebetso ya lekgotla. O ne a nahana hore o lokollotswe ka beile Ie hore o tla lokela ho tla kgotla ka letsatsi Ie leng. O ne a sa hlokomele hore ntate wa hae o lefile tefiso ya kamohelo ya molato bakeng sa hae. Ha a ka ba a fumana tsebiso bakeng sa lelsatsi Ie kgotla. Kamora dilemo tse ka bang tharo o ile a fuwa mosebetsi South Korea wa ho ruta Senyesemane. Ha a etsa kopo ya visa o ile a fumana hore o na Ie rekote ya botlokotsebe.O ile a hanelwa ka visa mine a sitwa ho etela kantle ho naha. Hape o ne a sa kgone ho fumana mosebetsi ofe kapa ofe wa ho ruta. Tefiso ya kamoheIo ya molato e bile Ie ditlamorao tse bohloko bakeng sa Mong.Tong. O ile a kopa lekgotla hore Ie shebisise kahlolo ya hae eo hamorao e ileng ya hlakolwa ke Lekgotla Ie Phahameng.

Dintho tse hlano tseo o lokelang ho di hopola

Haeba wena kapa setho sa lelapa se tshwarwa mme se fuwa kgetho ya ho lefa tefiso ya kamohelo ya molato — Ie lokela ho hopola dintlha tse hlano tse latelang: O na le ditokelo ha o tshwarwa

  1. Ditokelo tea hao di kenyeletsa tokelo ya ho
  • thola,
  • boleIIwa ka tokelo ya hao ya ho thola,
  • ntshwa ditlamong, haeba o tshwaretswe pelaelo ya ho etsa tlolo ya molao, haeba dikgahleho tsa toka di dumela,
  • jwetswa hore ha o wa tlameha ho fana ka kamohelo efe e ka sebediswang kgahlano le wena
  • jwetswa ka IebaI‹a la ho tshwarwa ha hao,
  • kgetha ho buisana Ie leqwetha kapa ho fuwe Ie leng ke Naha haeba ho tla ba Ie tlhokeho e kgolo ya toka,
  • bua Ie ho etelwa ke monyalani kapa moIekane, lelapa

moeletsi ya kgethilweng wa sedumedi Ie ngaka.

Bukana ena ha e ya rerelwa ho hlalosa ditokelo tsohle tsa motho ha a tshwarwa, empa ho hlakile hore motho o na Ie tokelo ya ho thola mme a ke ke a qobellwa ho lefa tefiso ya kamohelo ya molao.

2. Bua le leqwetha

Ho bohlokwa ho bua le leqwetha la hao pele o tekena tefiso ya kamohelo ya molato. Ha o wa lokela bo lefa tetiso ya kamohelo ya molato ho tswe teronkong kapele. Hona ke qeto yanako e kgutshwane e ka bang le ditlamono tsa nako e telele. Maemong a mang ho lefa tefiso ya kamohelo ya molalo e ka ba kgetht e lokelseng, empa e lokela ho lefuwa kamoraT ho fumara keletso ya semolao.

3. O lokela ho bolellwea na e bolelang

Mapolesa a lokela ho o lemosa hantle ka ditlamorao tsa ho lefa tefiso ya molato. Makgotla a netefalitse hore moqosuwa o tlameha ho

  • jwetswa hore o tla nkwa a kile a ahlolwa ke lekgotla,
  • kahlolo tla hlaha lekoteng ya moqosuwa ea ditlolo tsa molao,
  • ha o lefa tefiso ya kamohelo ya molato, o nyahlatsa ditokelo tsa ho:
    • tseka taba eo ka lekgotleng,
    • lebana le baqosi.
    • bitsa dipaki, le
    • boemedi ba semolao.

Ka kopo hopola hore haeba sepolesa se ka se o kope hore o lefe tefiso ya kamohelo ya molato pele ba o lokolla teronkong. O lokela ho fuwa nako e Itseng ya ho nahana na o tla leta tefiso ya kamohelo ya molato kapa tjhe. Sena se ka etsahala kamora ho lokollwa ditshwarong.

4. Beile e fapane le tefiso ya kamohelo ya molato

Ho lefa tefiso ya kamohelo ya moato ha ho tshwane le ho lefa beile. Diphapang tse itseng ke tsena pakeng tsa tsona.

Tefiso ya kamohelo ya molato e lebisa ho hore o nkwe o ahlolhetswe tlolo ya molao. Ka tsela eo taba e ya qetwa mme o ba le rekote ya botlokotsebe. O ke ke wa fumana tjhelete ya hao hape mme o ke ke wa lokela ho hlaha kgotla hape.

Tefiso ya boleila hore ha e so phethelwe mme ontse o nkwa o se molato ho fihlela ho pakwa hore o molato. Ho lefa beile ha ho bolele hore o amohela tlolo ya molato mme ha mme ha ho kahloho ya bohlokotsebe kgahlano le wena. O ntse o tlameha ho hlaha kgotla mme o tla fumana tjhelete ya beile haeba o latela dipheto tsohle tsa beile.

5. Nahana ka hore na e bolelang bakeng sa bokamoso

Mong. Tong o ne a sa kgone ho fumana visa ho etela naheng e nngwe mme o ne kgone

ho fumana mosebetsl wa ho ruta. Bahiri ba ka bang teng ba ka nna ba batla ho tseba hore na o na le kahlolo ya nako e fetleng ya botlokotsebe. Sena se kantsha lebelong kapa satisa bokgoni ba hao ba bo fumana mosebelsi. Lekgotia le Phatiameng: Karolo ya Lehae ya Gauteng e boletse hore: 'Rekote ya botlokotsebe ke tshitiso ya menyetla e ka reng khiro. ho eta le dibaka tsa ding tse ngata tsa bophelo ba hao.

Tefo ya tefisoso ya kamobela ya molato ho ka ama tokoloho yahao ya motsamao le bokgonl ba hao ba ho kgetha mosebetsi.