babueledi Read in English Lees in Afrikaans Read in isiZulu Read in isiXhosa

banner 1 english

 

HO ETSA KOPO BAKENG SA VISA YA BODULO BA NAKWANA KAPA BA NAKO YOHLE

Dikopo tsohle tsa visa ho sa natswe hore na ke tsa bodulo ba nakwana kapa ba nako yohle di tlasa taolo ya Molao wa Bofalli wa 13 wa 2002 (kamoo o fetotsweng kateng). Ho phaella mona
diqeto tsa pholisi ya Lefapha la Ditaba tsa Lehae tse kentsweng Ditaelong tsa Lefapha ke tsona tse etsang hore Molao ona o sebetse.
Molao wa bofalli o na le ditshitiso tse ngata haholo le mathata. Ke bakeng sa dithahasello tsa batho ba tswang kantle ho naha ba etsang dikopo tsa di-visa tsa mofuta ofe kapa ofe hore ba iteanye le mmuelli wa moo ya nang le tsebo e kgethehileng karolong eo ya molao ho leka le ho fokotsa dikameho tsa ditshitiso tsena le mathata.

Mefuta ya di-visa

Ho na le mefuta e mmalwa ya dikgetho tsa di-visa e fumanehang.
E arotse ka dihlopha tsena:

Di-visa tsa nako e kgutshwanyane tse dumellang matsatsi a phomolo le diketelo bakeng sa merero ya bongaka. Ka ho tlwaelehileng di-visa tsena di sebetsa ka nako ya matsatsi a 90 mme a ka eketswa haeba ho na le lebaka le utlwahalang bakeng sa boholo ba nako e eketsehileng ya matsatsi a 90, empa e seng ho feta moo.

-- Batho ba tswang dinaheng tse se nang mokgelo wa ho se be le visa ba tshwanetse ho etsa kopo ho tswa dinaheng tsa bona wa bodulo bakeng sa di-visa le ho emela sephetho ho tswa naheng eo pele ba kena leetong le tlang Afrika Borwa. Batho bao dinaha tsa bona di nang le mokgelo bakeng sa visa ba ka itlhahisa Afrika Borwa mme, ho itshetlehile ka nako ya tumellano ya mokgelo ona wa visa ya bodulo pakeng tsa dinaha ka bobedi, ba ka etela bakeng sa bolelele boo ba nako e hlalositsweng tumellanong.
-- Mefuta e itseng e lekanyeditsweng ‘e amanang le mesebetsi’ e ka etswa visa/lengolo la tumello Karolong ya 11(2). Kopo bakeng sa di-visa e tshwanetse ho etswa naheng ya habo motho eo ya bodulo.
• Mofuta wa di-visa tsa ‘nakwana’ o kentswe dihlopheng tsa mosebetsi, thuto le kgwebo. Ho ya ka di-visa tsa mosebetsi tlhokeho e akareletsang hore pele a nke mehato yohle e hlalositsweng molaong
ho fumana ditshebeletso tsa moahi wa Afrika Borwa kapa moahi wa nako yohle pele a fana ka mosebetsi ho motho ya tswang ka ntle ho naha. Sena se kenyeletsa ho etsa tsebiso masedinyaneng a naha, ho fumana tlaleho e tswang Lefapheng la Basebetsi, tlaleho e tswang mekgatlong ya kgiro le ditlaleho tse tswang mafapheng a bapisang meputso.
Sehlopha seo e leng sona feela mokgelo ho ya ka ditlhokeho tse boletsweng ka hodimo mona ke visa ya mosebetsi o hlokehang ka ho kgethehileng. ‘Bokgoni bo hlokehang ka ho kgethehileng’ bo hlaloswa lethathamong la visa ya bokgoni bo kgethehileng bo ngolwang lesedinyaneng la mmuso ke Letona la Ditaba tsa Lehae nako le nako. Lethathamo lena le ngotswe bokgoni, mosebetsi ya matsoho, diprofeshene le mesebetsi eo e leng bakeng sa thahasello ya setjhaba le ‘e hlokehang ka ho kgethehileng’.

Di-visa tsa mosebetsi tsa phetiso ya basebetsi pakeng tsa dikhamphani di akareletsa dikhamphani tsa matjhaba  tse nang le makalana a yona kapa khamphani e sebedisanang le yona mona Afrika Borwa mme di lakatsa ho fetisetsa mohiruwa wa tsona ho tla sebetsa ka nako yohle tshebetsong tsa mose ho mawatle mona Afrika Borwa ka nako e ke keng ya feta dilemo tse nne. Kopo e jwalo e tshwanetse ho
etswa naheng ya bodulo ya mokopi le ho emela sephetho se tswang naheng eo.

Di-visa tsa kgwebo di ka kotjwa ke motho ya tswang kantle ho naha ya lakatsang ho qala kapa ho reka kgwebo mona Afrika Borwa. Tlhokeho ya e akareletse feela taba ya hore kgwebo eo e tshwanetse ho ba bakeng sa ‘thahasello ya naha’, empa hape e tshwanetse ho hira bonyane 60% ya basebetsi ba Afrika Borwa le ho iphaphatha le melao kaofela ya basebetsi le melao e meng ya Afrika Borwa. Ho phaella mona kgwebo e tshwanetse ho tsetela kgwebong bonyane diranta tse dimillione tse 5.
Hape Lefapha la Kgwebo le Indasteri le tshwanetse ho fana ka lengolo le buellang mofuta ona wa kopo.

Di-visa tsa penshene di ka fuwa batho ba tswang kantle ho naha ba tshwanelehang ba ka kgonang ho fana ka bopaki ba hore ba na le disebediswa le tjhelete e lekaneng ho ya ka Letona la Ditaba tsa Lehae nako le nako ho itlhokomela mona Afrika Borwa ntle le hore ba fetohe mojaro mahetleng a Naha. Ditjhelete di lokela ho tswa ho penshene, moputso wa kgwedi le kgwedi wa inshorense ya ho beha
meja fatshe kapa ‘akhaonte ya matsete’ tse fanang ka kuno kapa tjhelete e amohelwang ya boemo bo tshwanelehang.

Di-visa tsa motho eo o manang le yena di ka etsetswa kopo moo motho ya tswang kantle ho naha e leng mong ka moahi wa Afrika Borwa kapa moahi wa nako yohle ya haufi haholo, le ya nang le shehetso ya tjhelete jwaloka ha e hlaloswa nako le nako ke Letona la Ditaba tsa Lehae mme ho fanwe ka tiisetso e hlokehang. Visa ya mong ka motho e ka ntshwa bakeng sa nako ya dilemo tse pedi mme e ka ntjhafatswa.

Di-visa tsa bodulo ba nako yohle

Di-visa tsa bodulo ba nako yohle ke bakeng sa nako e sa behelwang meedi. Batho ba nang le di-visa tse latelang ba ka etsa kopo bakeng sa bodulo ba nako yohle:

• Bodulo ka kotloloho, bo hloka motshwari wa visa ya mosebetsi ya bileng Afrika Borwa ka mosebetsi ka ho tswelang pele ka nako ya dilemo tse 5.

• Motshwari wa visa ya mosebetsi wa bokgoni bo hlokehang ka ho kgethehileng ho ya ka visa ya mosebetsi wa bokgoni bo kgethehileng ba hlokehang hang ha ba fumana visa ya bona ya bodulo ba nakwana sehlopheng sena.

• Di-visa tsa bodulo ba nako yohle tse leng tlasa sehlopha sa kgwebo di ka kotjwa ke motsetedi kapa rakgwebo ya tshwanelehang ho ya ka melao ya ditlhokeho tsa botsetedi le kgiro ya Afrika Borwa, mme a bontsha hore kgwebo ya hae e ntseng e le teng kapa e rerilweng ke e tshwarellang le e ka tswelang pele, mme a dumela ho hira baahi ba Afrika Borwa kapa badudi ba nako yohle ba etsang 60% kgwebong.

• Batho ba tswang kantle ho nahana ba kenang lenyalong le baahi ba Afrika Borwa ba bileng naheng ka nako ya dilemo tse 5 ba ka etsa kopi e leng sehlopheng sa ‘mohatsa motho’. Sena se kenyeletsa batho ba dikamano tsa lenyalo la setso tse amohelehang kapa dikamano tsa lenyalo le amohelehang mmusong bakeng sa nako e tshwanelehang.

• Batho ba nkileng penshene ba nang le bopaki ba kuno e tshwanelehang sehlopheng sena.

• ‘Bafepuwa ba itshetlehileng ka ba bang ditjheleteng’ ba ka fanang ka bopaki ba ditjhelete tse tshwanelehang le ba itokiseditseng ho lefa nako le nako tjhelete e behilweng ke Letona la Ditaba tsa Lehae, jwaloka tefello e ke keng ya kgutliswa e leshwang Motsamaisi-kakaretso wa Ditaba tsa Lehae.

Dintho tse ntjha tsa bohlokwa

Ka lebaka la Phetoho Molaong wa Bofalli wa 13 wa 2011 le Melawana e metjha e hatisitsweng ka la 26 Motsheanong 2014, ho hlokeha hore bakopi ba mefuta kaofela ya di-visa ba itlhahise ka bobona bakeng sa kabo ya dikopo e le hore ho ka etswa dimanollo tsa boitsebahatso tsa baometriki.
Babuelli ba molao ba ka o tataisa tshebetsong ena kaofela le ho tlatsa dikopo ka ho phethahetseng.
Lefapha la Ditaba tsa Leha le fane ka thendara ho Visa Facilitation Services (VFS) ditsing tsohle tse kgolo Afrika Borwa ho sebeletsa e le baemedi ba amohelang le ho aba le ho tiisa tumello ya di-visa ha di fanwe.
Ho kgema le Melawana ena e metjha, Lefapha la Basebetsi le tshwanetse ho etsa ditshebetso tse netefatsang, mabapile mangolo a tumello a mosebetsi, hore ha ho baahi ba Afrika Borwa kapa badudi ba nako yohle ba fumanehang bakeng sa boemo boo ba mosebetsi pele lengolo la tumello la mosebetsi le etsetswa qeto ya ho qetela bakeng sa motho ya tswang kantle ho naha.
Mabapi le di-visa tsa kgwebo, polelo bakeng sa ‘thahasello ya naha’ ke tlhokeho e ka sehloohong bakeng sa dinetefatso tsa Lefapha la Kgwebo le Indasteri.

Tlhokeho e ka sehloohong ya ho tshwaneleha bakeng sa di-visa

E nngwe ya ditlhokeho tse ka sehloohong ke hore mokopi wa mofuta ofe kapa ofe wa visa o tshwanetse hore e be motho ya nang le botho bo botle le netefatso e tswang sepoleseng ebontshang hore ha a na tlolo ya molao ho tswa naheng efe kapa efe eo mokopi e leng moahi ho yona ka nako e fetang dikgwedi tse 12 dilemong tse 10 tse fetileng. 

Hape ho bohlokwa hore mokopi e be motho ya phetseng hantle le ya nang le boemo bo botle ba mmele. Ho tla hlokeha tlaleho ya bongaka le ya

-ray. 

Ka dinako tsohle ho hira Maafrika Borwa le ho etsa mesebetsi e metjha bakeng sa Maafrika Borwa e dula e le molao o ka sehloohong wa moruo wa rona. Ka lebaka lena ho hlokeha hore 

– mokgelo ke bakeng sa sehlopha sa batho ba hlokang visa ka lebaka la bokgoni bo hlokehang bo kgethehileng – batho bao e ka bang boramosebetsi ba etse ka hohle ho batla ditshebeletso tsa moahi wa Afrika Borwa kapa moahi wa nako yohle pele ba fana ka osebetsi ofe kapa ofe ho motho ya tswang kantle ho naha.

 

immigration-lawyers-citizenship-experts