babueledi Read in English Lees in Afrikaans Read in isiZulu Read in isiXhosa

banner 1 english

 

LEKGOTLA LA DINYEWE TSE NYANE 

Ebang o a qosa kapa o a qoswa, bukana ena e reretswe ho o fa tataiso ya hore na o ka sebetsa dintho jwang Lekgotleng la Dinyewe Tse Nyane. 

Lekgotla la Dinyewe Tse Nyane ke Eng?
Ke lekgotla le thehilweng le le tsamaiswang ke Molawana wa 61 wa 1984 wa Lekgotla la Dinyewe Tse Nyane. 

Morero wa Lekgotla la Dinyewe Tse Nyane ke Ofe?
Ke ho rarolla dinyewe ka potlako ho se na ditjeo tsa babuelli. 

Ke mang ya ka qosang
Motho ya dilemo di 18 ho ya hodimo, le bana ba thuswang ke batswadi kapa bahlokomedi ba bona. 

Ke mang ya ke keng a qosa?
Ke diterasete, dikhamphani, mekgatlo le mmuso. Le ha ho le jwalo, di ka kenyelletswa qosong e etswang kgahlanong le moqosi. 

Lekgotla la Dinyewe Tse Nyane le hlophisehile hakae?
Babuelli ba molao ha ba dumellwa ho buella moqosi kapa moqosuwa, empa o ka nna wa batla keletso ho mmuelli wa hao wa molao pele o ya nyeweng mme wa ipatalla ditjeo. Tlelereke (ya lekgotla) e tla o thusa mahala. Ho ka sebediswa puo leha e le efe. Haeba o tla hloka toloko, bolella tlelereke esale pele. 

O ka qosa mang?
O ka qosa motho, khamphani kapa mokgatlo leha e le ofe o sebakeng se tlasa lekgotla leo, ho sa kenyelletswe mmuso wa lehae le Mmuso. 

O ka tleleima tjhelete e kae?
E fihlang ho R15 000. Haeba tjhelete eo o e tleleimang e feta R15 000, o ka nna wa tlohela karolo e ka hodimo ho R15 000 e le hore lekgotla le mamele nyewe ya hao. (Ka mohlala, haeba o tleleima R17 000, o ka nna wa tlohela R2 000). Haeba o tlohela karolo e nngwe ya nyewe ya hao, o ke ke wa e batla hamorao.  

O ka tleleima ho fihla ho R15 000 bakeng sa
• puseletso ya kadimo;
• phano ya thepa;
• rente;
• ho dumela molato, kadimo, tshepiso e ngotsweng,
• tjheke e sa patalwang;
• sekoloto sa kadimo ho latela Molao wa Setjhaba wa Kadimo; le
• ditshenyehelo tsa tjhelete e sa fetang R15 000. 

Ke nyewe ya eng e ke keng ya kenyelletswa?
Nyewe
• ya tjhelete e fetang R15 000,
• e kgahlanong le Mmuso,
• e mabapi le ho amohuwa ditokelo tsa thepa kapa ho di fetisetsa ho motho e mong,
• ya tshenyo ya lebitso, ho qoswa ka lonya, ho kwallwa ho seng molaong, ho tshwarwa ho seng molaong, ho hlekwahlekwa, ditjeo tsa ho se phethahatse tshepiso ya lenyalo,
• ya ho qhala lenyalo,
• e amang boemo ba motho ba kelello,
• e hlokang hore motho a etse ntho e itseng ho fapana le ho patala tshenyo (ntle le tabeng ya ho fana ka tlaleho, ho fetisa ditokelo tsa thepa e sa feteng R15 000),
• e sa weleng tlasa tsamaiso ea molao (ka mohlala, ho lelekwa mosebetsing ho seng molaong, ho thatafallwa ho lefa dikoloto kapa diketso tsa botlokotsebe), le
• e behetsweng nako (ho se ho fetile dilemo tse 3 qeto e entswe). 

O hlahlela nyewe jwang? 

Mehato eo o lokelang ho e nka pele:
Buisana le motho eo o nang le bothata le yena (motho eo o batlang ho mo qosa) mme o leke ho rarolla taba le yena. Haeba o hloleha -
• mo ngolle lengolo o bolele seo o se batlang ho yena (o bolele tjhelete eo o e batlang le hore na ke ya eng) ebe o fetisa bonyane matsatsi a 14 ka mora ho mo fa lengolo leo pele o ka tswela pele ka qoso ya hao.
• Mo fe lengolo leo ka letsoho kapa o le ngodise posong.  

• Haeba a sa o patale ka mora matsatsi a 14, e ya ho tlelereke ya lekgotla ka bopaki ba hore o file motho eo lengolo le bontshang seo o se hlokang ho yena. 

Dintho tseo o di isang ho tlelereke:
• Lengolo le bopaki ba hore le fihlile (ka mohlala, selipi sa posong).
• Tumellano, tokomane kapa bopaki leha e le bofe ba seo o mo qosang ka sona.
• Mabitso a feletseng, aterese (aterese ya lapenge/ya kgwebo, haeba e le teng), nomoro ya fono ya moqosuwa. 

Ebe ho etsahalang ka mora moo?
• Tlelereke e tla o thusa (wena Moqosi) ho tlatsa diforomo tsa samane ebe e beha nako le letsatsi leo nyewe e tla mamelwa ka lona.
• O ka ikisetsa samane ho Moquswa. O lokela ho fana ka bopaki bo bontshang Mokomishinara wa Lekgotla la Dinyewe Tse Nyane hore o file Moqosuwa samane.
kapa
• O ka patala sheriff mme wa fana ka samane eo ho sheriff e haufi le moo Moqosuwa a dulang teng. Sheriff e tla e isa.
• Haeba samane e isitsweng ke sheriff, fumana bopaki (ba sheriff bo bontshang hore e isitse samane) pele ho behwa letsatsi la nyewe.
• Boloka tumellano, tokomane kapa bopaki ba qoso ya hao.
• Tsebisa batho ba tla fana ka bopaki nyeweng ka letsatsi le nako eo nyewe e tla mamelwa ka yona, mme o lokisetse hore ba be teng kgotla.
• Tloo kgotla le kopi ya bopaki ba sheriff bo bontshang hore moqosuwa o fuwe samane. 

Moqosuwa a ka etsang ha a fumana samane?
• A ka patala tjhelete e batlwang kapa a dumellana le Moqosi hore o tla e patala ka dikgaohano.
• A ngolla tlelereke ya lekgotla lengolo, a bolela mabaka ao a ikemelang ka ona mme a romella Moqosi kopi ya lengolo leo.
• A hlahlela qoso le yena (kgahlanong le Moqosi) ka ho fa tlelereke ya lekgotla lengolo le kang la samane.
• A ba teng kgotla ka letsatsi le nako e behilweng, mme lekgotla le tla mamela mabaka a moqosuwa kapa qoso ya hae. 

O lokela ho etsang haeba Moqosuwa a patala pele ho letsatsi la nyewe?
Ho fa Moqosuwa rasiti e ngotsweng le ho tsebisa tlelereke hore o patetswe mme ha o na ho tswela pele ka nyewe. Ho ka ba molemo hore o kenye faeleng tokomane e bontshang hore molato oohle o patetswe. 

O lokela ho etsang ka letsatsi la nyewe?
Fihla ka nako kgotla mme o dule ho fihlela Mokomishinara a o lokolla. Hape netefatsa hore:
• o tshwere ditokomane tsohle tse amanang le qoso ya hao (ditokomane tse pakang qoso/tse latolang qoso);
• dipaki tsohle di ba teng mme o tsebise tlelereke hore di kgetha ho sebedisa puo efe le hore na ho hlokahala toloko kapa tjhe; mme
• o tle le bopaki bo ngotsweng ba hore moqosuwa o fuwe samane, ka mohlala, affidavit/bopaki ba sheriff. 

Ho etsahalang nyeweng?
Lekgotla le tsamaiswa ka tsela e bonolo le e sa rarahanang. Mokomishinara o tla o kopa hore o bolele qoso ya hao, mohlomong a ka nna a batla dintlha tse eketsehileng.
Beha taba ka bokgutshwane. Araba dipotso tsa Mokomishinara mme o fane ka bopaki ba hao.
Ha le a dumellwa ho botsana dipotso. Mokomishinara a ka nna a o dumella ho botsa moqosuwa dipotso tse seng kae.
Mamela ka hloko ha moqosuwa a bua mme ha a se a qetile ho bua, bolela dintlha tseo a sa di hlalosetsang Mokomishinara ka nepo.
Ka mora hore Mokomishinara a o mamele, a mamele moqosuwa le dipaki, a ka nna a tjhetjhisa nyewe e le hore a hlahlobe dintlha tsa nyewe le bopaki bo fanweng kapa a ka nna a diha kahlolo hanghang. Mokomishinara a ka nna a le bolella hore o tla le ngolla a le tsebise kahlolo eo a faneng ka yona. 

O ka etsang ha o sa kgotsofalla kahlolo e fanweng?
Dintlha tse fanwang dinyeweng tse mamelwang ke Lekgotla la Dinyewe Tse Nyane ha di tlalehwe kapa hona ho rekotwa.
Haeba o sa kgotsofalla kahlolo e fanweng, o ka nna wa fetisetsa nyewe Lekgotleng le Phahameng hore le e hlahlobe motheong wa mabaka ana a mararo feela:
• Lekgotla ha le na matla a ho etsa qeto tabeng eo.
• Mokomishinara o bontshitse tshekamelo/kgethollo/o entse lonya/bobodu.
• O botsitse dipotso ka tsela e leeme.
Ha ho boipiletso bo ka nkwang kgahlanong le kahlolo ya lekgotla.
Buisana le mmuelli wa hao wa molao ka ho isa taba ena Lekgotleng le Phahameng. 

Ho etsahalang ka mora moo?
Kahlolo ya Lekgotla la Dinyewe Tse Nyane ke ya ho qetela. Patala tjhelete eo lekgotla le laetseng hore o e patale.
Haeba kahlolo e o emela: Moqosuwa a ka nna a o patala tjhelete eo ho itsweng a o patale yona. Mo fe rasiti ya tjhelete eo.
Haeba motho ya kolotang a sa patale, lekgotla le tla batlisisa maemo a hae a ditjhelete le hore na a ka kgona ho patala mme ka mora moo le tla ntsha taelo e loketseng. Ha le batlisisa ka maemo a hae a ditjhelete, ho tla kopuwa hore ba bang ba tswe ka kgotla. 

Ho etsahalang haeba motho ya kolotang a hloleha ho patala?
Haeba motho ya ahloletsweng hore a o patale a sa o patale mme o batla hore a patale, ho tla latelwa methati e sebediswang Lekgotleng la Maseterata. Tlelereke e ka nna ya ntsha lengolo la taelo mme sheriff ya le phethisa.
Buisana le mmuelli wa hao wa molao ka ho phethisa kahlolo ya Lekgotla la Maseterata.