babueledi Read in English Lees in Afrikaans Read in isiZulu Read in isiXhosa

banner 1 english

 

LENYALO MEHATO YA MOLAO

 

Molao 88 wa 1984 Phahlo ya manyalo

Ho sa tsotellehe hore o se o Ie lenyalong kapa o lokisetsa ho nyala haufinyane, ho bohlokwa ho tseba hore Molao ona o ama phahlo ya hao ka ho toba. Ka hona, ke ha bohlokwa hore o o bale ka kelohloko.

Bukana ena e beha ka bokgutshwanyane mehato ya bohlokwa ya Molao ona. O kgothalletswa hore o iteanye Ie moemedi wa hao ho netefatsa hore phahlo ya hao e sireletsehile ka ho nepahetseng.

Manyalo a ngoliswa pele ho 1 Pudungwana 1984

Haeba nakong yeo o nyalang ha wa ka wa saena tumellano ya pele ho lenyalo, sena se bolela hore o nyetse lenyalo la ho kopanela phahlo, empa wena Ie molekane wa hao Ie ka etsa kopo Ie tshwarisane Lekgotleng Ie Phahameng ka nako leha e le ho fetola lenyalo la lona ho ba lenyalo la ho arohanya phahlo hape Ie etse hore ho sebetse kemiso ya ho boloka phahlo lenyalong la Iona. Leha ho Ie jwalo, ho na Ie ditlhoko tsa teng.

Haeba o nyetse lenyalo la ho arohanya phahlo (la saena tumellano ya pele ho lenyalo) o ka fetohela lenyalong la ho kopanela phahlo. Le mona hape ho tla hlokahala Ie etse kopo Ie tshwarisane Lekgotleng Ie Phahameng.

Moemedi wa hao o tla fa boitsebiso bo eketsehileng ka ditlhoko.

Manyalo a ngoliswa kamora 1 Pudungwana 1984

Tsamayiso ya ho jara phahlo ya lenyalo yeo o e kgethang e tla ama bokamoso ba hao ditjheleteng Ie boemo ba phahlo ya hao.

O tlameha ho kgetha ka tsebo. Seo o se kgethang se etsa qeto hore o na Ie ditokelo dife ka phahlo ya hao nakong ya lenyalo, leha lenyalo Ie fela, ekaba ka lefu kapa tlhalo.

O na ie dikgetho dife?

Lenyalo la ho kopanela phahlo kapa la ho arohanya phahlo.

La ho arohanya phahlo: Ie kemiso ya ho bokella phahlo kapa kantle ha yona.

Tumellano ya pele ho lenyalo e tla dumellana Ie ditlhoko tsa hao hape Ie kemiso ya ho bokella phahlo kapa kantle ho yona.

Ke mehato efe e latelang e Ie hore ho sebetse tsamaiso e itseng lenyalong la hao?

Ho kopanela diphahlo ho sebetsa nakong yeo o nyalang ‘mme o sa ka wa saena tumellano ya ho kopanya diphahlo. Tsamaiso ya bokella diphahlo e sebetsa ha o nyala lenyalo la ho arohanya phahlo ka tumellano ya pele ho lenyalo empa o sa hlakisa hore ha bo sebetse boemo ba ho bokella phahlo. Mehlala ya mabaka e hlakisang kemiso ya ho bokella ke ena, se bokelletsweng se ke ke sa arohanywa ka 50/50, empa ka tekanyo e itseng; kapa hore kemiso ya ho bokella phahlo e ke ke ya sebetsa ha lenyalo Ie fela ka tlhalo kapa e mong wa banyalani a se na tjhelete ha lenyalo Ie fela.

Ho ka shejwa leha e Ie afe a mabaka a tumellano ya hao pele ho lenyalo, ha feela e sa thulane Ie melao ya mmuso kapa ya boitshwaro.

KE MOFUTA OFE WA LENYALO O MOLEMO?

Ha ho na mofuta o Ie mong o loketseng batho bohle ba nyalang. Ho ya ka ditlhoko tsa motho ka mong Ie ka maemo a bao ba nyalang. Buisanang Ie moemedi wa Iona, ka ho arohana ha Ie batla. Sebedisang dikelello eseng dipelo.

Lenyalo la ho kopanela phahlo

Banyalani ka bobedi ke beng ba phahlo ka ho lekana ho jwalo Ie ka dikoloto.

Bobedi ba na Ie matla a lekanang ho tshwareng phahlo hape bobedi (ntle Ie maemo a itseng) ba ka etsa qeto kantle ha ho jwetsa e mong.

Ho hlokahala tumellano e ngotsweng ke bona ka bobedi banyalani ha ho rekiswa phahlo e sa tloheng, ho tla etswa ditshwariso, Ie ha ho nkwa dikoloto. Ho tla hlokeha tumellano ya molomo ya banyalani ka bobedi ha ho rekiswa phahlo ya lelapeng e kopanetsweng, jwaloka phahlo ya ka tlung.

Ha ho hlokahale tumellano ha ho ameha mosebetsi wa rnatsoho, kgwebo kapa mosebetsi o ithutetsweng.

Molao ona o sireletsa banyalani ha e mong a etsa ka tsela ya kgethollo ho e mong.

Botle ba mofuta ona wa lenyalo

Mofuta ona o thehilwe kemisong e nang ie kelello: hore Ienyalo ke ho tshwarisana hape ka lebaka leo le ka bakela botswalle ba kutlwano.

Le khothalletsa ho lekana ha batho ba nyetseng melaong ie moruong. Nakong ya lenyalo leha le fela banyalani ka bobedi ba fumana karolo ya tsohle ba nang le tsona hape ba na le matla a lekanang a ho jara phahlo.

Bobe ba mofuta ona wa lenyalo

Ho fellwa ke tjhelete ha e mong ho tla ama phahlo yohle e kopanetsweng. Ha ho ka etsahala hore le fellwe ke ditjhelete, mofuta ona wa lenyalo ha o kgathalletswe. Ha e mong kapa bobedi, a sa batle ho tshwarisana, boemo ba matla ao le lekananang ka ona a ka bakela ho se utlwane lenyalong.

Lenyalo la ho arohanya phahlo ho tsamaisana le boemo ba pokello

Nakong ya lenyalo motho ka mong o tIa laola phahlo ya hae, a ikgudisetse yona hape dikoloto tsa e mong ha di ame e mong.

Ha lenyalo le fela, ekaba lefu kapa tlhalo, ke lona ka phahlo e fumanehileng nakong ya lenyalo (e bokelletsweng) le tIaarolelana ka ho lekanang. Lenane le fumanehang nakong ya lenyalo le fumaneha ka ho bala kakaretso ya lenane la phahlo ya motho ka mong ebe ho tlosoa lenane leo ho qadilweng ka lona tumellanong ya pele ho lenyalo ho nahanetswe ho phahama ha theko, dikoloto, kapa phahlo leha e le efe e sa ngolwangtumellanongya pele ho lenyalo tshenyehelo,mafa le dimpho. Ha lenyalo le fela ebe ho arohantswe ka holekanang phapang pakeng tsa phahlo e bokelletsweng ya bona ka bobedi.

Molao ona oetsa here e mong wa banyalani a khone ho fumana ho Itseng ho bokelletsweng ha lenyalo le fela.

Botle ba mofuta ona wa lenyalo

Kemiso ya ho bokellwa ke tsela ya morao-rao ya taka-tekano hape e ka baka kutlwano lenyalong.

Nakong ya lenyalo. motho ka mong ona le tokelo ya ho jaraphahlo ya haehahona meedi e behilweng le ka tsela leha e le efe. hafeela hokeke ha lematswa tokelo ya e mong e hore a fumane ho se bokelletsweng.

Nakong ya lenyalo. motho ka mong o na le tokelo ya ho jara phahlo ya hae ha hona meedi e behilweng le ka tsela leha e le efe. hafeela ho keke ha lematswa tokelo ya e mong hore a fumane ho se bokelletsweng.

Bobe ba mofuta ona wa lenyalo

Se ka bakelang bobe, haholoholo ha e mong a ruile ho na le e mong, ho ka etsa hore a be le maikutlo a hore ha a lokolloha ho jara phahlo ya hae jwaloka monna wa hae

kapa mosadi wa hae a sa rua jwaloka eena ‘me a ka etsa kopo lekgotleng ya hore se bokelletsweng se kopanywe kapelepele a nahana hore bohato bo itseng bo entsweng ke ya ruileng bo ka lematsa tokelo ya hae ya ho fumana ho itseng ho se bokelletsweng. Sena se ka baka khohlano.

Ho hong ho hobe ka kemiso ena ea ho bokella ke hore banyalani ha ba thusahale ho tshwaneleha ha e mong ho fumana sekoloto, se ka etsa hore mosadi ya sa sebetseng a be le tokelo e nyenyane ya hore a fuwe sekoloto nakong eo a sa ntse a nyetse ha phahlo ya hae e ie nyenyane.

Hopola: Ha o sa batle hore kemiso ena ya ho bokella e sebetse, sena se lokela ho bolelwa ka ho hlakileng tumellanong ya pele ho lenyalo.

Lenyalo la arohanya phahlo kantle ho kemiso ya ho bokella

0 ka kopa moemedi wa hao a ho ngolle tumellano ya pele ho lenyalo e dumellanang Ie maemo a hao.

Tumellano eo e kgothalletswa ha:

bobedi banyalani e Ie bo rakgwebo ‘me ba fumana tjhelete e hodimo haholo hape ba habile ho se be Ie bana; dithahasello tsa bana di ka ameha lenyalong la bobedi kapa Ie latelang.

Maemong a jwalo ho kgothalletswa e mong a iphumanele keletso ya moemedi a Ie mong,haholo mosadi, eena ho ka etsahala hore ho fete nako e telele a sa sebetse ka baka la boikarabelo ba lelapa, e Ie ho tiisa hore phahlo ya motho ka mong e sireletsehile.

Ha lenyalo Ie fela ha ho na ya batlang ho hong phahlong ya e mong.

Manyalo a setso

Manyalo a setso a tsamaiswa ho dumellana Ie molao wa setso, a setso a bolokwa ke matswalla a Afrika a dulang Afrika Borwa hape a aha setso sa batho bao. Lenyalo la setso Ie hlokomelwa ha Ie tsamaisana Ie mabaka a leng ho Customary Act 120 ya 1998. Ha e Ie lenyalo la pele, ke lenyalo la ho kopanela phahlo ho lumellana Ie karolo e

amanang Ie Molao wa Phahlo ea Manyalo, 1984 (Matrimonial

Property:Act, 1984).

TSE AKARETSANGTSE AKARETSANG

Tlhalo

Molao o sirelelsa monna kapa mosadi ya nyetseng lenyalo la ho arohanya phahlo pele ho 1 Pudungwana 1984 eo a fumanang molekane wa hae a ikahetse kgwebo e kholo kaphahlo e tswang ho eena ka ho toba kapa ka ho sa tobang, Lekgotla le na le tokelo ya ho mo neha karolo ea phahio ea phahlo ea molekane enwa ha lekhotla le bona ho leketse.

Dimpho

Dimpho tseo ba fananang tsona li ke ke tsa kgutlisetswa morao. Leha ho le jwalo, dimpho tseo di tIa dula di le ka tlase ha tlhokomelo ya Insolvency Act le Molao wa Lekgetho (Income Tax ACT).

Tse batlwang

TIasa maemo a itseng, monna kapa mosadi ba tIa ba le tokelo ya ho batla se itseng ho e mong leha e le hore ba ntse ba nyetse ka ho kopanela phahlo, jwaloka tabeng ya kotsi ya koloi.

Dillhoko tsa lapeng

Batho ba nyalaneng ka kemiso ya ho bokella phahlo kapa ba dumellaneng ka hore phahlo ya bona e tIa arohanywa ka ho feletseng, ho hlokahala ka bobedi ba kenye letsoho ditlhokong tsa lelapa, Mabapi le manyalo a ileng a ngodiswa ka mora 1 Pudungwana 1984, ha e mong a kenya letsoho haholwanyane phahlong ya hae, u tla khona ho batIa ho khutlisetswa seo a faneng ka sona feela, ha ba ile ba dumellana ka sona ka ho hlakileng esale pele.

Ho lokisetsa lefa

Moemedi wa hao o tla ho fa boitsebiso bo hlokahalang.

 

 

english2