babueledi Read in English Lees in Afrikaans Read in isiZulu Read in isiXhosa

banner 1 english

 

HO KENYA TLELEIME LETLOLENG LA DIKOTSI TSAMEBILENG 

Letlole la Dikotsi Tsa Mebileng (Road Accident Fund (RAF)) ke inshorense e tsamaiswang ke mmuso e sebetsang ho latela Molao wa Letlole la Dikotsi Tsa Mebileng wa 56 wa 1996 (jwalokaha o
ntjhafaditswe). Ke mokgatlo wa Naha o thehilweng hore o lefe mahlatsipa a dikotsi tsa mebileng kapa baphedisuwa ba ba shweleng ka lebaka la ho se tsotelle ha mokganni kapa monga koloi kae kapa kae a hara Afrika Borwa tjhelete ya ho ba phumula dikeledi.

Ke mang ya ka tleleimang? 

  • O ka etsa tleleima hafeela kotsi e ne e se phoso ya hao o le mong. Mophidisuwa wa motho ya neng a mo sebeletsa a ka kenya tleleime haeba motho ya neng a mo sebeletsa hase yena feela ya molato wa kotsi eo. 
  • O ka tleleima haeba o ne o le mopalami wa motokara, tekesi, bese, vene kapa sethuthuthu mme o lemetse kotsing eo. 
  • O ke ke wa kenya tleleima haeba o sa tswa dikotsi ho hang kotsing eo. 
  • O ka nna wa se kgone ho tleleima haeba o tswile dikotsi tse seng ‘mpe’. 
  • Haeba mofu a ne a se na baphedisuwa, ho ka nna ha se be le tleleime e hlahang ka lebaka la lefu la hae. 

Na o hloka akgente?
O ka tleleima ka ho toba ho RAF, empa 

  • ho tleleima RAF ke taba e rarahaneng le e thata; 
  • ditlaleho tsa bongaka (RAF 1 le RAF 4) di lokela ho tlatswa ke dingaka, mme di lefellwe; 
  • ho lokela ho fumanwe ditokomane ho ba Ditshebeletso Tsa Sepolesa sa Afrika Borwa, mme di lefellwe; 
  • ho lokela ho hlophiswe afitafiti e hlalosang kamoo kotsi e etsahetseng kateng mme e tsamaye le tleleime ya hao; 
  • ho tlameha ho fumanwe ditlaleho tsa bongaka dipetlele le ho dingaka, mme di lefellwe; 
  • o lokela ho bontsha boholo ba tleleime ya hao – ke hore o bolele foromong ya hao ya ho tleleima dikotsi tse sa tshwaneng tse etsang hore o fuwe ditlhapiso a kang ho opelwa le ho utlwa bohloko, ho  lahlehelwa ke dintho tse nolofatsang bophelo, ho koafala, ho holofala le ho tshoha (ditjeho tse bakilweng ke kotsi ka kotloloho), ho lahlehelwa ke tjhelete e kenang, ho lahlehelwa ke bokgoni ba ho fumana tjhelete, ditjeho tsa kamoso tsa meriana le ditjeho tse seng di lefeletswe (ditjeho tse sa bakwang ke kotsi ka kotloloho); 
  • ho kenya tleleime bakeng dintho tse tlwaelehileng tse senyehileng bakeng sa mahlaba le ho utlwa bohloko, ho lahlehelwa ke dintho tse etsang hore bophelo bo be bonolo, ho holofala, ho fetoha sebopeho le ho tshoha, o lokela ho kenya raporoto ya tekolo ya dikotsi tse kgolo (RAF 4) ho tswa ho setsebi se loketseng se nang le boiphihlelo sa tsa bongaka se lekotseng kotsi ya hao hore na ‘e kgolo’ hakae jwalokaha ho bolelwa Molaong le Ditataisong.
    Akgente e sebetsanang ka ho kgetheha le ditleleime tsa batho tsa ho lemala e na le tsebo le boiphihlelo ho o thusa le ho tiisa hore tjhelete eo o e kopang e balwa ka tsela e nepahetseng mme e romelwa ho RAF ho latela Molao le Ditataiso. Ho na le nako e behilweng ya hore o etse tleleime mme haeba o sa iphaphathwe le yona tleleime ya hao e ke ke ya ba le matla (e tla nkwa e sa sebetse).
    Diakgente tse ngata tse sebetsanang le dinyewe tsa batho ba lemetseng le tsona di tla ba le ditjeho tsa bohlokwa ho hlahlela tleleime ya hao ha ho emetswe hore tleleime ya hao e phethelwe.
    Haeba akgente ya hao e sa sebetsane ka nepo le tleleime ya hao, e tlohela tleleime ya hao ho fihlela e sa sebetse kapa a etsa tleleime ya tjhelete e nyane, o ka tletleba mokgatlong o loketseng wa molao
    profinseng le/kapa wa qosa akgente ya hao. Haeba o ikenyetsa tleleime mme o etsa phoso o bile o tlohela tleleime ya hao hore e siuwe ke nako, RAF e ke ke ya o lefa mme o ke ke wa fumana puseletso leha e le efe.
    Akgente leha e le efe e sebetsanang ka ho kgetheha le ha motho a lemetse e na le tsebo le boiphihlelo ho o eletsa hore na tjhelete eo RAF e o fileng yona ho lefella tleleime ya hao e loketse ebile e lekane maemong a taba ya hao ka ho kgetheha. 

E tla bitsa bokae?
Boholo ba diakgente tse sebetsanang ka ho kgetheha le ditleleime tsa ho lemala ha batho di tla be di le malala-a-laotswe ho nka nyewe ya hao ebang  

  • ho itshetlehile ka sephetho (ha e sa hlolwe, ha ho tefo); kapa 
  • ho latela tumellano ya ditefiso, moo akgente e tla lefisa ditefiso tse tlwaelehileng ho latela tefo eo ho dumellanweng ka yona. Akgente e ka nna ya eba malala-a-laotswe ho leta ho fihlela qetellong ya nyewe hore ho lefshwe ditjeho tsohle ho akarelletsa le ditshehenyelo tse bileng teng.
    Diakgente tse ngata tse sebetsanang ka ho kgetheha dinyewe tsa ho lemala ha batho di tla boela di ekemisetsa ho lefella ditjhelete tsohle tse hlokahalang hore ho lokisetswe tleleime ya hao, ho akarelletsa
    le ho fumana ditlaleho tsa bongaka le ditlaleho tsa bongaka ba meriana hafeela ditjeho tseo di tla busetswa ha tleleime ya hao e lefshwa. Tse ding tsa ditjeho tsena di tla busetswa ho tswa ho RAF e le karolo  ya ditjeho tsa akgente tseo lekgotla le fanang ka tumello tseo a keneng ho tsona. 

Akgente e sebetsang motheong wa tumellano ya ditefiso (eseng motheong wa sephetho sa nyewe) e ka o lefisa ho latela tumellano bakeng sa mosebetsi wohle o entsweng le ditjeho tsohle tse bileng teng.
Diakgente tse ding di ka nna tsa batla hore o lefe tse ding tsa ditjeho ha nyewe ya hao e ntse e tswela pele.
Haeba akgente e sebetsa motheong wa sephetho sa nyewe (ha nyewe e sa hlolwe, ha ho tefo)  

  • tumellano e lokela ho saenelwa ke wena le akgente ka bobedi (o lokela ho fuwa khophi nakong eo o e saenang); 
  • akgente e na le boikarabelo ba ho lefisa tefiso ya tlholo ho phaella ho tefo e tlwaelehileng. Tjhelete e tefiso ya tlholo e laolwa ho latela Molao wa Ditefiso Tsa Sephetho mme e ke ke ya feta 25% ya tjhelete  eo o e fumanang, 100% ka hodima tefiso e tlwaelehileng, ho sa tsotellehe hore na e ka tlaase ke efe; 
  • o tla boela o tlamehe ho lefella ditjeho tse ding (tse kang ditjeho tsa bongaka le ditjeho tse ding tsa botsebi, ditlaleho tsa bongaka, ditokomane tsa sepolesa, ditefiso tsa lekgotla jwalojwalo). 
    Tse ding tsa ditjeho tsena di tla busetswa ho tswa ho RAF e le karolo ya ditjeho tsa akgente tseo lekgotla le fanang ka tumello ya tsona.
    Haeba o sa utlwisise ditefiso kapa tumellano ya tefiso e itshetlehileng ka sephetho, o lokela ho kopa akgente ya hao hore e o hlalosetse tumellano ka tsela e nepahetseng. 

Na o ka kenya tleleime ka ho toba ho RAF?
Ee o ka e kenya. RAF e na le lenaneo le matla le pharalletseng mme e sebedisa bahlanka ba fanang ka lesedi diofising tsa yona tsa makala. E boetse e kgethile baemedi dipetleleng tsohle tse kgolo tsa mmuso.

Ha o ntse o le sepetlele o ka nna wa atamelwa ke lenqosa le leng la RAF le tshepisang ho o thusa ho kenya tleleime ka ho toba. Ha wa tlameha ho dumellana le ho kenya tleleime ka ho toba ho ya RAF (tleleime e tobileng) kapa kgetha akgente eo motho e mong a e buelletseng ho wena ya buisaneng le wena ha o le sepetlele kapa kae kapa kae.
O na le tokelo ya ho ikgethela akgente.

Hlahloba hore na akgente eo e ngodisitswe le hore e na le dikamano tse ntle le mokgatlo o ikarabellang wa molao profinseng eo.
Le hoja RAF e tla o thusa ka ho o hlalosetsa hore na o tleleima jwang le ho o thusa ho tlatsa foromo ya tleleime, o tla hloka ho fumana le ho lefella ditokomane tsohle tse hlokahalang tse tshehetsang taba, ho akarelletsa le raporoto le ditlaleho tsa bongaka.

RAF ke wona mokgatlo oo o kenyang tleleime ya hao ho wona hore e o lefe mme ke mosebetsi wa bona ho fuputsa le ho qhela ditleleime tsohle tseo e nkang hore ha ya tlameha ho di lefa.
Wena le RAF le ka nna la se dumellane tabeng ya hore na o tshwanelwa ke ho fuwa puseletso (ho latela makolopetso ya taba) mme haeba ho le jwalo, tleleime ya hao e lokela ho ba bokae. RAF le yona e lokela ho kgotsofala hore o tswile kotsi ‘e kgolo’ pele o tshwanelwa ke ho lefellwa mahlaba le ho utlwa bohloko. RAF e ka nna ya qhela tleleime ya hao mohlomong ka lebaka ho se tshwanelehe kapa hobane e se kotsi ‘e kgolo’. Ba ka ba ba etsa qeto ya hore le wena o jara molato o itseng ka kotsi eo mme ba o fa feela diphesente tse itseng tsa dintho tse o lahlehetseng.

Ntle ho keletso ya akgente e ikemetseng, o ke ke wa tseba hore na tjhelete leha e le efe eo RAF e reng e tla o lefa yona e nepahetse kapa hore na tleleime ya hao e hannwe ka nepo kapa tjhe. Nakong
eo o kopang keletso ya motho ya ikemetseng, o ka iphumana o haha serobe phiri e se e jele.

O na le nako e kae ya ho tleleima?

Ditleleime di tlameha ho kenngwa nakong ya dilemo tse 3 ho tloha letsatsing leo kotsi e etsahetseng ka lona haeba mokganni le/ kapa monga koloi e phoso a tsejwa. Haeba ho sa kgonehe ho tseba monga koloi kapa mokganni wa yona ya phoso, jwale tleleime e lokela ho kenngwa nakong ya dilemo tse 2.
Kamora hore ho kenngwe tleleime ho na le nako ya ho leta ya matsatsi a 120.
Kamora moo ho ka romelwa disamane nakong ya dilemo tse 5 ho tloha letsatsing la kotsi. Haeba tleleime ya hao e fihla kamora nako kapa disamane di sa fihle ka nako, tleleimi ya hao e ke ke ya ba le matla (e tla nkwa e sa sebetse). 

Seo o ka se botsang akgente ya hao 

  • Akgente ya hao e tla tleleima bokae. 
  • Akgente ya hao e nahana hore tleleime ya hao e tla nka nako e kae hore e phethelwe. 
  • Dipotso leha e le dife ka ditefiso le ditjeho tse ding. 
  • Kopa ditlaleho tsa hore e tswela pele jwang hore o bone hore na tleleime ya hao e sebetswa jwang. 
  • Kopa akhaonte e feletseng qetellong ya nyewe ya hao. 

O lokela ho etsa eng kamora kotsi?

Fumana mabitso ka bohlalo, diaterese (tsa mosebetsing le tsa lapeng) le dinomoro tsa ho ikgokahanya (mohala wa thekeng le wa lapeng) tsa bakganni bohle, bapalami le dipaki, esita le dinomoro tsa  godiso ya koloi. 

Fumana dintlha tse ngotsweng ke mapolesa kapa bahlanka ba sephethephethe ba tlileng sebakeng seo hore o tsebe hore na ke seteishene sefe sa mapolesa se tla batlisisa kotsi eo.
Fumana dintla tsa ambulense, ha ho kgoneha.

Fumana dintlha tsa khamphani e hutseng koloi ya hao ka teraka hore koloi ya hao e ka salwa morao mme ya nkwa senepe pele e ka ya lokiswa. Haeba o lemetse hampe mme o ke ke wa etsa leha e le efe ya tse ka hodimo, leka ho kopa setho sa lelapa kapa motswalle ho o fumanela lesedi le lengata kamoo kamoo ho ka kgonehang ho SAPS e fuputsang kotsi mme haeba ho kgoneha, le khophi ya tlaleho ya kotsi.
Ho ka o tswela molemo haholo haeba setsebi se ka fuputsa maemo a kotsi kapele haholo holo haeba ho ka ba le kgang ya hore na kotsi eo e etsahetse jwang.
Tlaleha kotsi ho SAPS nakong ya dihora tse 48. Bakganni ba dikoloi tse amehileng dikotsing tsohle tse nang le batho ba lemetseng kapa ba shweleng, ba TLAMEHA ho tlaleha dikotsi tseo sepoleseng kapele kamoo ho ka kgonehang.

Haeba o lemetse hampe mme o sa kgone ho etsa sena kopa setho sa lelapa kapa motswalle ho fumana hore na kotsi eo e se e tlalehilwe ke motho e mong kapa tjhe, mme a kope SAPS ho fuputsa taba eo ka ho tswelang pele.

Haeba o se o ntse o kgethile akgente, ke yona e tla o thusa ho etsa jwalo. Tlaleha kotsi ho ba RAF haeba motho e mong o lemetse hammoho le wena, mme o ne o le mokganni wa koloi e amehileng kotsing. Akgente ya hao e ka o thusa ho etsa jwalo.

Haeba taba e sa fuputswe ke SAPS, leka ho fumana ditatamente tsa dipaki tsohle kapele kamoo ho ka kgonehang.

Ho nka sebaka sa kotsi le dikoloi tse amehang ditshwantsho hase setlamo, empa ho tla ba molemo haholo, haholoholo ha ho hlaha kgang mabapi le makolopetso kotsi.

Ha o nka ditshwantsho tsa sebaka seo, ha ho kgoneha bontsha malwanlwahla leha e le afe a mmileng kapa matshwao a ho tjhipiritsa kapa matshwao a mang a moo kotsi e hlahileng teng.
Ho nka ditshwantsho tsa dikotsi tsa hao ho tla boela ho be molemo hamorao ho paka hore o lemaditswe.

Tiisa hore ngaka e o alafang e tlaleha hore o tlile ho yena kapa o fana ka tlaleho e feletseng, ho akarelletsa le kalafo – haholoholo haeba o sa alafuwe ke ngaka ya hao ya kamehla.
Ntho e nngwe e tla ba molemo ke ho toroya seketjhe sa boemo se bontshang dibaka tse tsitsitseng.